Labohlano, la 9 February
Ke bile mosebeletsi oa sena ho ea ka mpho e sa lefelloeng ea mosa o sa tšoanelang oa Molimo.—Baef. 3:7.
Haeba re ne re etsa lintho tsohle tseo Jehova a batlang hore re li etse, mosa oa hae o ne o tla be o re tšoanela. Empa rea hloleha. Ke kahoo Morena Solomone ea bohlale a ileng a ngola a re: “Ha ho motho ea lokileng lefatšeng ea tsoelang pele ho etsa se molemo ’me a sa etse sebe.” (Moek. 7:20) Moapostola Pauluse le eena o ile a re: “Bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” A boela a re “moputso oo sebe se o lefang ke lefu.” (Bar. 3:23; 6:23a) Ke oona moputso o re tšoanelang. Empa kaha Jehova o rata batho, le hoja e le baetsalibe, o ile a ba bontša mosa o sa tšoanelang. Mpho e kholo ka ho fetisisa eo a ileng a re fa eona, ke “Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši” ea ileng a tla lefatšeng ho tla re shoela. (Joh. 3:16) Kahoo, Pauluse o ile a ngola hore Jesu o “roesitsoe moqhaka oa khanya le tlhompho ka lebaka la hore o ile a utloisoa bohloko ke lefu, e le hore ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo a ka latsoa lefu bakeng sa motho e mong le e mong.” (Baheb. 2:9) Ka sebele, “mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa rōna.”—Bar. 6:23b. w16.07 3:3, 4
La 5-11 February
MATHEU 12–13
Pina ea 151 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Papiso ea Koro le Mofoka”: (10 mets.)
Mat. 13:24-26—Sehoai se ile sa jala peo e ntle ea koro eaba sera se jala mofoka har’a peo eo e ntle (w13 7/15 9-10 ¶2-3)
Mat. 13:27-29—Koro le mofoka li ile tsa hola hammoho ho fihlela ha ho kotuloa (w13 7/15 10 ¶4)
Mat. 13:30—Nakong ea kotulo, bakotuli ba ile ba bokella mofoka pele eaba ba bokella koro (w13 7/15 12 ¶10-12)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat. 12:20—Re ka etsisa Jesu joang ka ho ba le kutloelo bohloko? (nwtsty litlhaloso)
Mat. 13:25—Na ke ntho e utloahalang ho lumela hore mehleng ea khale motho o ne a ka jala mofoka tšimong ea e mong? (w16.10 32)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat. 12:1-21
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Bapala video ’me le buisane ka eona.
Leeto la ho Boela: (3 mets. kapa ho tlaase ho moo) Sebelisa mohlala o hlahileng videong.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 21-23 ¶10-12
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Litlhoko Tsa Phutheho: (5 mets.)
“Lipapiso Tsa ’Muso le Seo li se Bolelang ho Rona”: (10 mets.) Puisano. Hlahlobang hore na lipapiso tsena li ka re thusa joang tšimong.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Sehlomathiso se leqepheng la 207-209
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 9 le Thapelo