Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
February
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Moqebelo, la 10 February

Ke tla mo etsetsa mothusi.—Gen. 2:18.

Ho tloaelehile hore batho ba kene lenyalong. Ho hlahloba hore na lenyalo le simolohile joang le hore na morero oa lona ke ofe ho tla re thusa ho ba le boikutlo bo loketseng ka lona le ho le thabela haholoanyane. Ha Molimo a qeta ho bopa motho oa pele, e leng Adama, o ile a tlisa liphoofolo e le hore Adama a li rehe mabitso. Empa ‘motho o ne a se na mothusi eo e leng motlatsi oa hae.’ Ka hona, Molimo o ile a robatsa Adama boroko bo tebileng, eaba o nka khopo ea hae o mo etsetsa mosali ka eona, a ntan’o mo tlisa ho eena. (Gen. 2:20-24) Kahoo, lenyalo le simoloha ho Molimo. Jesu o ile a netefatsa hore ke Jehova ea ileng a re: “Monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae ’me o tla khomarela mosali oa hae, ’me bao ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe.” (Mat. 19:4, 5) Hore ebe Molimo o ile a sebelisa khopo ea Adama ha a bopa mosali oa pele, ho ne ho lokela ho bontša banyalani bao ba pele hore ke nama e le ’ngoe. Molimo o ne a sa rera hore ho be le tlhalo kapa hore motho a nyale sethepu. w16.08 1:1, 2

La 5-⁠11 February
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | February

La 5-11 February

MATHEU 12–13

  • Pina ea 151 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Papiso ea Koro le Mofoka”: (10 mets.)

    • Mat. 13:24-26—Sehoai se ile sa jala peo e ntle ea koro eaba sera se jala mofoka har’a peo eo e ntle (w13 7/15 9-10 ¶2-3)

    • Mat. 13:27-29—Koro le mofoka li ile tsa hola hammoho ho fihlela ha ho kotuloa (w13 7/15 10 ¶4)

    • Mat. 13:30—Nakong ea kotulo, bakotuli ba ile ba bokella mofoka pele eaba ba bokella koro (w13 7/15 12 ¶10-12)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mat. 12:20—Re ka etsisa Jesu joang ka ho ba le kutloelo bohloko? (nwtsty litlhaloso)

    • Mat. 13:25—Na ke ntho e utloahalang ho lumela hore mehleng ea khale motho o ne a ka jala mofoka tšimong ea e mong? (w16.10 32)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat. 12:1-21

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Bapala video ’me le buisane ka eona.

  • Leeto la ho Boela: (3 mets. kapa ho tlaase ho moo) Sebelisa mohlala o hlahileng videong.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 21-23 ¶10-12

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 98

  • Litlhoko Tsa Phutheho: (5 mets.)

  • “Lipapiso Tsa ’Muso le Seo li se Bolelang ho Rona”: (10 mets.) Puisano. Hlahlobang hore na lipapiso tsena li ka re thusa joang tšimong.

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Sehlomathiso se leqepheng la 207-209

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 9 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | December

BEKE EA LA 5-11 FEBRUARY, 2018

8 “Ke na le Tšepo ho Molimo”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela