Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
April
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Labone, la 19 April

Litholoana tsa moea ke . . . tumelo.—Bagal. 5:22.

U le motsoali, ntho ea bohlokoa haholo ke hore bana ba bone mohlala oa hao oa tumelo. Bana ba sheba seo u se etsang, ’me seo sea ba susumetsa. Kahoo, batsoali tsoelang pele ho ikaha tumelong. Etsang hore bana ba lona ba bone hore Jehova ke oa sebele ho lona. Ha banyalani ba bang ba Bermuda ba e-na le mathata, ba rapela hammoho le bana ba bona ho kopa tataiso ea Jehova, ’me ba khothalletsa bana hore ba rapele le ha ba le bang. Ba re: “Re boetse re bolella morali oa rona e moholo hore a tšepe Jehova ka ho feletseng, ’me a phathahane tšebeletsong ea ’Muso le hore a se ke a tšoenyeha haholo. Ha a bona lintho li raroloha, oa hlokomela hore Jehova oa re thusa. Sena se matlafalitse tumelo ea hae le ho etsa hore a tšepe Bibele le ho feta.” Bonneteng, bana ba lokela ho haha tumelo ea bona. Lona batsoali le ka lema le ho nosetsa. Empa ke Molimo feela ea melisang. (1 Bakor. 3:6) Kahoo, mo kopeng hore a le fe moea oa hae, ’me le ikitlaelletse ho ruta bana ba lona, kaha ha le etsa joalo Jehova o tla le hlohonolofatsa ka ho enneng.—Baef. 6:4. w16.09 5:16-18

La 16-22 April
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | April

La 16-22 April

Mareka 1–2

  • Pina ea 77 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “U Tšoaretsoe Libe”: (10 mets.)

    • [Bapala video ea Selelekela sa Mareka.]

    • Mar. 2:3-5​—Jesu ka mosa o ile a tšoarela motho ea neng a holofetse (jy 67 ¶3-5)

    • Mar. 2:6-12​—Ka ho folisa motho ea holofetseng, Jesu o ile a bontša hore o na le matla a ho tšoarela (“Ke hofe ho bonolo” litlhaloso tsa Mar 2:9, nwtsty)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mar. 1:11​—Mantsoe ao Jehova a ileng aa bolella Jesu a bolelang? (“eaba lentsoe le tsoa maholimong,” “U Mora oa ka,” “ke u amohetse,” litlhaloso tsa Mar 1:11, nwtsty)

    • Mar. 2:27, 28​—Ke hobane’ng ha Jesu a ne a ipitsa “Morena.  . . oa Sabatha”? (“Morena . . . oa sabatha” litlhaloso tsa Mar 2:28, nwtsty)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar. 1:1-15

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.

  • Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.

  • Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 68

  • “Ke tlil’o bitsa baetsalibe, eseng batho ba lokileng”: (7 mets.) Puisano. Bapala video ea Ho Atleha Ka Mor’a Ho Tsoa Teronkong. Botsa lipotso tse latelang: Ke’ng e thusitseng Donald hore a thabe? Ha re ntse re bolella batho Lentsoe, re ka etsisa Jesu joang e le hore re se ke ra ba leeme? -Mar. 2:17.

  • Jehova o tšoarela “ka tsela e kholo”: (8 mets.) Puisano. Bapala video ea Jehova, u Tl’o ba oa Pele Bophelong ba ka. Ka mor’a moo botsa lipotso tse latelang: Anneliese o ile a khutlela ho Jehova joang hona hobane’ng? (Esa. 55:6, 7) U ka sebelisa phihlelo ea hae joang ho thusa ba seng ba sa sebeletse Jehova?

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 6¶16-23

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 117 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | February

BEKE EA LA 16-22 APRIL, 2018

18 Ha e le Hantle ho ba le Kamano e Ntle le Molimo ho Bolela’ng?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela