Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
April
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Laboraro, la 18 April

’ne u hlōle bobe ka botle.—Bar. 12:21.

Esita le haeba re hotse ka thata kapa re tobana le maemo a re nyahamisang, re lokela ho tsoela pele ho loana ’me re mamelle. Re ka kholiseha hore ha re etsa joalo, Jehova o tla re hlohonolofatsa. (Gen. 39:21-23) Ak’u nahane ka bothata boo u tobaneng le bona hona joale. Mohlomong u tšoeroe ka leeme, oa khetholloa kapa oa songoa. Kapa mohlomong motho e mong o u qosa ka bohata hobane feela a u shoela mona. Ho e-na le ho nyahama, hopola hore na ke’ng e ileng ea thusa Jakobo, Ragele le Josefa hore ba tsoele pele ho sebeletsa Jehova ba thabile. Molimo o ile a ba matlafatsa le ho ba hlohonolofatsa kaha ba ile ba bontša hore ba ananela lintho tsa moea. Ba ile ba tsoela pele ho loana le ho etsa lintho tse lumellanang le lithapelo tsa bona. Re phela qetellong ea tsamaiso ena e khopo ea lintho; kahoo re na le lebaka le utloahalang la ho itšoarella ka tieo ho seo Jehova a re tšepisitseng sona! Na u ikemiselitse ho amoheloa ke Jehova? w16.09 2:8, 9

La 16-22 April
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | April

La 16-22 April

Mareka 1–2

  • Pina ea 77 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “U Tšoaretsoe Libe”: (10 mets.)

    • [Bapala video ea Selelekela sa Mareka.]

    • Mar. 2:3-5​—Jesu ka mosa o ile a tšoarela motho ea neng a holofetse (jy 67 ¶3-5)

    • Mar. 2:6-12​—Ka ho folisa motho ea holofetseng, Jesu o ile a bontša hore o na le matla a ho tšoarela (“Ke hofe ho bonolo” litlhaloso tsa Mar 2:9, nwtsty)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mar. 1:11​—Mantsoe ao Jehova a ileng aa bolella Jesu a bolelang? (“eaba lentsoe le tsoa maholimong,” “U Mora oa ka,” “ke u amohetse,” litlhaloso tsa Mar 1:11, nwtsty)

    • Mar. 2:27, 28​—Ke hobane’ng ha Jesu a ne a ipitsa “Morena.  . . oa Sabatha”? (“Morena . . . oa sabatha” litlhaloso tsa Mar 2:28, nwtsty)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar. 1:1-15

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.

  • Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.

  • Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 68

  • “Ke tlil’o bitsa baetsalibe, eseng batho ba lokileng”: (7 mets.) Puisano. Bapala video ea Ho Atleha Ka Mor’a Ho Tsoa Teronkong. Botsa lipotso tse latelang: Ke’ng e thusitseng Donald hore a thabe? Ha re ntse re bolella batho Lentsoe, re ka etsisa Jesu joang e le hore re se ke ra ba leeme? -Mar. 2:17.

  • Jehova o tšoarela “ka tsela e kholo”: (8 mets.) Puisano. Bapala video ea Jehova, u Tl’o ba oa Pele Bophelong ba ka. Ka mor’a moo botsa lipotso tse latelang: Anneliese o ile a khutlela ho Jehova joang hona hobane’ng? (Esa. 55:6, 7) U ka sebelisa phihlelo ea hae joang ho thusa ba seng ba sa sebeletse Jehova?

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 6¶16-23

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 117 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | February

BEKE EA LA 16-22 APRIL, 2018

18 Ha e le Hantle ho ba le Kamano e Ntle le Molimo ho Bolela’ng?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela