Labohlano, la 20 April
U . . . rute mora oa hao [mantsoe ana] ka ho pheta-pheta.—Deut. 6:7.
Ka mor’a hore Serge le mohats’a hae, Muriel ba qete lilemo tse ka holimo ho tse tharo ba sebeletsa tšimong ea puo e ’ngoe, ba ile ba hlokomela hore mor’a bona ea lilemo li 17 ha a sa thabela ho ea tšebeletsong ea tšimo. Serge o re: “Ha re hlokomela hore ha re le tlhokahalong seo se mo sitisa ho hatela pele, re ile ra etsa qeto ea ho khutlela phuthehong eo re tsoang ho eona.” Ke lintho life tse ka susumetsang batsoali hore ba khutle? Ea pele, ba lokela ho ela hloko hore na ba na le nako e lekaneng ea ho susumetsa bana hore ba rate Jehova, ha ka lehlakoreng le leng ba ntse ba ba ruta puo e ’ngoe. Ea bobeli, ba ka ’na ba elelloa hore bana ha ba thahaselle ho ea tšimong eo ho buuoang puo e ’ngoe. Maemong ana, batsoali ba Bakreste ba ka ’na ba etsa qeto ea ho khutlela phuthehong ea puo eo bana ba e utloisisang, ho fihlela ba se ba tiile hantle tumelong.—Deut 6:5-7. w16.10 2:14, 15
La 16-22 April
Mareka 1–2
Pina ea 77 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“U Tšoaretsoe Libe”: (10 mets.)
[Bapala video ea Selelekela sa Mareka.]
Mar. 2:3-5—Jesu ka mosa o ile a tšoarela motho ea neng a holofetse (jy 67 ¶3-5)
Mar. 2:6-12—Ka ho folisa motho ea holofetseng, Jesu o ile a bontša hore o na le matla a ho tšoarela (“Ke hofe ho bonolo” litlhaloso tsa Mar 2:9, nwtsty)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mar. 1:11—Mantsoe ao Jehova a ileng aa bolella Jesu a bolelang? (“eaba lentsoe le tsoa maholimong,” “U Mora oa ka,” “ke u amohetse,” litlhaloso tsa Mar 1:11, nwtsty)
Mar. 2:27, 28—Ke hobane’ng ha Jesu a ne a ipitsa “Morena. . . oa Sabatha”? (“Morena . . . oa sabatha” litlhaloso tsa Mar 2:28, nwtsty)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar. 1:1-15
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.
Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Ke tlil’o bitsa baetsalibe, eseng batho ba lokileng”: (7 mets.) Puisano. Bapala video ea Ho Atleha Ka Mor’a Ho Tsoa Teronkong. Botsa lipotso tse latelang: Ke’ng e thusitseng Donald hore a thabe? Ha re ntse re bolella batho Lentsoe, re ka etsisa Jesu joang e le hore re se ke ra ba leeme? -Mar. 2:17.
Jehova o tšoarela “ka tsela e kholo”: (8 mets.) Puisano. Bapala video ea Jehova, u Tl’o ba oa Pele Bophelong ba ka. Ka mor’a moo botsa lipotso tse latelang: Anneliese o ile a khutlela ho Jehova joang hona hobane’ng? (Esa. 55:6, 7) U ka sebelisa phihlelo ea hae joang ho thusa ba seng ba sa sebeletse Jehova?
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 6¶16-23
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 117 le Thapelo
BEKE EA LA 16-22 APRIL, 2018
18 Ha e le Hantle ho ba le Kamano e Ntle le Molimo ho Bolela’ng?