Sontaha, la 13 May
Lisang mohlape oa Molimo. —1 Pet. 5:2.
Ho hlokeha balisa ba eketsehileng ka phuthehong ea Bokreste, ’me bao e tla ba baholo nakong e tlang ba lokela ho rupeloa. Pauluse o ile a re ho Timothea: “Lintho tseo u ileng ua li utloa ho ’na ka tšehetso ea lipaki tse ngata, lintho tsena u li behe ho banna ba tšepahalang, bao, le bona, e tla ba ba tšoanelehang ka ho lekaneng ho ruta ba bang.” (2 Tim. 2:1, 2) Timothea o ile a ithuta sena ha a ntse a sebetsa le moapostola Pauluse. Hamorao Timothea o ile a sebelisa lintho tseo a ithutileng tsona ho Pauluse, ha a le tšebeletsong le likarolong tse ling tsa tšebeletso e halalelang. (2 Tim. 3:10-12) Pauluse o ile a ipha nako ea ho rupela Timothea. O ile a tsamaea le eena maetong a hae. (Lik. 16:1-5) Baholo ba ka etsisa mohlala oa Pauluse ka hore ba tsamaee le bahlanka ba sebeletsang ba tšoanelehang ha ba ea maetong a bolisa haeba maemo a lumela. Kahoo, baholo ba tla fa bara bao babo rona monyetla oa ho ithuta litšoaneleho tse hlokahalang ho balebeli ba Bakreste, joaloka tumelo, mamello le lerato. Ka tsela ena, ba tla be ba koetlisa balisa ba nakong e tlang ba “mohlape oa Molimo.” w16.08 4:16, 17
La 7-13 May
Mareka 7–8
Pina ea 13 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Nka Thupa ea Hao ea Tlhokofatso U Ntatele U sa Khaotse”: (10 mets.)
Mar 8:34—Re lokela ho itela e le hore re be balateli ba Jesu (“a ke a itatole” nwtsty litlhaloso tsa Mar 8:34; w92 8/1 17 ¶14)
Mar 8:35-37—Jesu o botsa lipotso tse peli tse fatang maikutlo e le ho re thusa ho tsepamisa kelello linthong tsa bohlokoa (w08 10/15 25-26 ¶3-4)
Mar 8:38—Re hloka ho ba sebete e le hore re be balateli ba Kreste (jy 143 ¶4)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mar 7:5-8—Ke hobane’ng ha taba ea ho hlapa matsoho e ne e le bothata ho Bafarisi? (w16.08 30 ¶1-4)
Mar 7:32-35—Jesu o re behetse mohlala joang ka ho tsotella monna ea sa utloeng litsebeng? (w00 2/15 17-18 ¶9-11)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar 7:1-15
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets.) Bapala video. ’me le buisane ka eona
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ho tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 156-157 ser 6-7
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Litlhoko Tsa Phutheho: (5 mets.)
“Thusa Bana ba Hao Hore e be Balateli ba Kreste”: (10 mets.) Puisano.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv. Khao. 7 ¶20-28
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 60 le Thapelo