Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
May
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Moqebelo, la 12 May

Nako e setseng e fokotsehile. Ho tloha joale ho ea pele ba nang le basali ba ke ba be joalokaha eka ha ba na bona, . . . le ba sebelisang lefatše ba be joaloka ba sa le sebeliseng ka botlalo.—1 Bakor. 7:29-31.

Kaha re phela “matsatsing a ho qetela,” re tobana “le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Tim. 3:1-5) Empa haeba re boloka kamano ea rona le Molimo e le matla, re tla atleha ho loantša tšusumetso e mpe ea lefatše lena. Temaneng ea letsatsi ea kajeno, Pauluse o ne a sa re banyalani ba hlokomolohe boikarabelo ba bona. Empa kaha nako e setseng e fokotsehile, ba lokela ho batla ’Muso pele. (Mat. 6:33) Le hoja re phela linakong tse thata le manyalo a mangata a qhalana, re ka khona ho atlehisa manyalo a rona. Ha e le hantle, ha banyalani ba Bakreste ba tsamaea le batho ba Jehova, ba latela keletso ea Mangolo ’me ba lumella hore Jehova a ba tataise ka moea oa hae, ba tla atleha ho baballa “seo Molimo a se kopantseng hammoho.”—Mar. 10:9. w16.08 2:17, 18

La 7-13 May
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | May

La 7-13 May

Mareka 7–8

  • Pina ea 13 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Nka Thupa ea Hao ea Tlhokofatso U Ntatele U sa Khaotse”: (10 mets.)

    • Mar 8:34—Re lokela ho itela e le hore re be balateli ba Jesu (“a ke a itatole” nwtsty litlhaloso tsa Mar 8:34; w92 8/1 17 ¶14)

    • Mar 8:35-37—Jesu o botsa lipotso tse peli tse fatang maikutlo e le ho re thusa ho tsepamisa kelello linthong tsa bohlokoa (w08 10/15 25-26 ¶3-4)

    • Mar 8:38—Re hloka ho ba sebete e le hore re be balateli ba Kreste (jy 143 ¶4)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mar 7:5-8—Ke hobane’ng ha taba ea ho hlapa matsoho e ne e le bothata ho Bafarisi? (w16.08 30 ¶1-4)

    • Mar 7:32-35—Jesu o re behetse mohlala joang ka ho tsotella monna ea sa utloeng litsebeng? (w00 2/15 17-18 ¶9-11)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar 7:1-15

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets.) Bapala video. ’me le buisane ka eona

  • Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ho tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 156-157 ser 6-7

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 51

  • Litlhoko Tsa Phutheho: (5 mets.)

  • “Thusa Bana ba Hao Hore e be Balateli ba Kreste”: (10 mets.) Puisano.

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv. Khao. 7 ¶20-28

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 60 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | March

BEKE EA LA 7-13 MAY, 2018

8 Batsoali, na le Thusa Bana ho Itokisetsa ho Kolobetsoa?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela