Sontaha, la 6 May
Jehova o bona seo pelo e leng sona. —1 Sam. 16:7.
Re kholisehile hore Jehova o khona ho khetha batho ba nepahetseng. Kahoo, ha rea lokela ho ahlola batho ba tšimong ea rona kapa ba ka phuthehong. (Joh. 6:44) Ha re nka Jehova e le Sebopi sa rona, tsela eo re tšoarang bara le barali babo rona ka eona e tla fetoha. (Esa. 64:8) Re tla nka hore Jehova ke hona a ntseng a ba bopa. Ke kamoo Jehova a ba talimang kateng. O bona seo ba leng sona ka pelong ’me oa tseba hore ho se phethahale ha bona ke ha nakoana. O boetse oa tseba hore na e mong le e mong oa bona a ka bopeha hore e be motho ea joang. (Pes. 130:3) Re ka etsisa Jehova haeba re sa nahanele bara le barali babo rona hampe. Re ka boela ra sebetsa le Sebopi sa rona ho thusa bara le barali babo rona hore ba etse liphetoho. (1 Bathes. 5:14, 15) Baholo ka phuthehong ba lokela ho etella pele ho ba thusa.—Baef. 4:8, 11-13. w16.06 1:4-6
La 30 April–la 6 May
Mareka 5–6
Pina ea 111 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Jesu o na le Matla a ho Tsosa Baratuoa ba Rona ba Shoeleng”: (10 mets.)
Mar 5:38—Re utloa bohloko ha motho eo re mo ratang a hlokahala
Mar 5:39-41—Jesu o na le matla a ho tsosa ba ‘robetseng lefung’ (“ha aa shoa, empa o robetse” litlhaloso tsa Mar 5:39, nwtsty)
Mar 5:42 —Tsoho ea bafu e tl’o etsahala e tla re thabisa haholo (jy 118 ¶6)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mar 5:19, 20—Ke hobane’ng ha Jesu a ile a fana ka taelo e fapaneng lekhetlong lee? (“ha aa shoa, empa o robetse” litlhaloso tsa Mar 5:39, nwtsty)
Mar 6:11—Ho bolela’ng ho ‘hlohlora lerole le maotong a rona’? (“hlohlore lerôle le ka tlas’a maoto a lôna litlhaloso tsa Mar 6:11, nwtsty)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar. 6:1-13
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Bontša mong’a ntlo websaete ea rona ea jw.org/st.
Leeto la boraro la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Khetha lengolo leo u batlang ho bua ka lona le potso eo u tla e botsa.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 36¶23-24—Bontša kamoo u ka finyellang pelo ea seithuti kateng.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Bontša Bokhoni ha u Sebelisa Lintho Tsa Bohlokoa Tseo re Rutang ka Tsona”: (5 mets.) Puisano.
Ho Fumana Matšeliso ka Mokhatlong oa Jehova: (10 mets.) Puisano. Bapala video. Ka mor’a moo, botsa lipotso tse latelang: Lelapa la Peras le ile la e-ba le mathata afe? Ba thusitsoe ke eng hore ba mamelle? Ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele ka tloaelo ea rona ea ho matlafatsa kamano ea rona le Molimo leha re e-na le mathata?
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 7¶10-19 le lebokose le leqepheng la 81
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 101 le Thapelo