Mantaha, la 21 May
Feela joalokaha sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.—Bar. 5:12.
Temana ena e sebelisoa khafetsa bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Mohlomong u sebelisa lengolo lena ha u ithuta khaolo ea 3, 5 le ea 6 le bana ba hao kapa batho ba bang, moo ho buuoang ka hore na Molimo o rera ho etsa’ng ka lefatše, hobane’ng ha re hloka thekollo le hore na bafu ba hokae. Empa na u ee u nahane hore na lengolo lee le ama joang liketso tsa hao, kamano ea hao le Jehova hammoho le tšepo ea hao ka bokamoso? ’Nete ke hore kaofela ha rona re baetsalibe. Re etsa liphoso kamehla. Leha ho le joalo, re kholisehile hore Molimo oa hopola hore re entsoe ka lerole, ’me o ikemiselitse ho re hauhela. (Pes. 103:13, 14) Thapelong ea hae ea mohlala, Jesu o ile a akarelletsa mantsoe a reng: “U re tšoarele libe tsa rōna.” (Luka 11:2-4) Kahoo, ha ho hlokahale hore re khathatsehe ka liphoso tseo Molimo a re tšoaretseng tsona. Leha ho le joalo, re ka fumana molemo ka ho nahana hore na Jehova o re tšoarela joang. w16.12 1:1-3
La 21-27 May
Mareka 11–12
Pina ea 34 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“O Akhetse ho Fetang ha Bohle”: (10 mets.)
Mar 12:41, 42—Jesu o ile a bona mohlolohali ea futsanehileng a akhela licheletana tse peli tsa tšepe tsa boleng bo tlaase ka matloleng a polokelo tempeleng (“matlōle a polokelo ea matlotlo,” “licheletana tse peli tsa tšepe,” “tsa boleng bo bonyenyane haholo” nwtsty litlhaloso tsa Mar 12:41, 42)
Mar 12:43—Jesu o ile a ananela mpho ea hae hoo a ileng a bua ka taba eo ho barutuoa ba hae (w97 10/15 16-17 ¶16-17)
Mar 12:44—Molimo o ne a nka mpho ea mohlolohali eo e le ea bohlokoahali (w97 10/15 17 ¶17; w87 12/1 30 ¶1;cl 185 ¶15)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mar 11:17—Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re tempele ke “ntlo ea thapelo ea lichaba tsohle”? (“ntlo ea thapelo bakeng sa lichaba tsohle” nwtsty litlhaloso tsa Mar 11:17)
Mar 11:27, 28—Bahanyetsi ba Jesu ba ne ba bua ka “lintho” life? (jy 244 ¶7)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar 12:13-27
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Mong’a ntlo o u bolella hore o hlokahaletsoe ke mong’ka eena.
Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Ho ba le tumelo ho Jehova ho re thusa ho etsa lintho tse kholo: (15 mets.) Bapala video.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Khao. 8 ¶1-10
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 98 le Thapelo