Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
May
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Mantaha, la 28 May

Ke tla beha bora pakeng tsa hao le mosali le pakeng tsa peō ea hao le peō ea hae. E tla u khoba hlooho.—Gen. 3:15.

Kaha Jesu ke Morena oa ’Muso oa Molimo, o tla felisa Satane ’me a tlose mathata ’ohle ao Satane a a bakileng. Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a thusa barutuoa ba hae ho bona hore ’Muso oa Molimo ke oa bohlokoa. Hang-hang ka mor’a ho kolobetsoa, Jesu o ile a phatlalatsa “litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo” libakeng tsohle. (Luka 4:43) Pele Jesu a ea leholimong, o ile a bolella barutuoa ba hae hore e tla ba lipaki tsa hae “ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Lik. 1:6-8) Ka lebaka la mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso, batho lefatšeng ka bophara ba na le monyetla oa ho ithuta ka thekollo le ho tšehetsa ’Muso oa Molimo. Re bontša hore re tšehetsa ’Muso ka ho thusa batlotsuoa mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo lefatšeng lohle.—Mat. 24:14; 25:40. w17.02 2:7, 8

La 28 May–3 June
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | May

La 28 May–la 3 June

Mareka 13–14

  • Pina ea 55 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Qoba Leraba la ho Tšaba Batho”: (10 mets.)

    • Mar 14:29, 31—Baapostola ba ne ba sa ikemisetsa ho latola Jesu

    • Mar 14:50—Ha Jesu a tšoaroa, baapostola bohle ba ile ba mo lahla kherehloa eaba ba tšola tlhako morong

    • Mar 14:47, 54, 66-72—Petrose o ne a le sebete sa ho sireletsa Jesu a ba a mo latela a le hojana empa hamorao o ile a latola Jesu ka makhetlo a mararo (ia 200 ¶14; it-2 619 ¶6)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mar 14:51, 52—Mohlankana ea ileng “a baleha a hlobotse” ke mang? (w08 2/15 30 ¶6)

    • Mar 14:60-62—Ke hobane’ng ha Jesu a ile a khetha ho araba potso ea moprista ea phahameng? (jy 287 ¶4)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar 14:43-59

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Mo memele libokeng.

  • Leeto la Boraro la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Khetha lengolo leo u tla le sebelisa e be u buella sengoliloeng se ithutoang.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ho tlaase ho moo) bh 171-172 ¶17-18.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 73

  • “Jehova o Tla U Thusa Hore U be Sebete”: (15 mets.) Puisano. Bapala video.

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Khao. 8 ¶11-18

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 81 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | March

BEKE EA LA 28 MAY, 2018–3 JUNE, 2018

28 “Mamelang Taeo ’Me le Hlalefe”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela