Labobeli, la 22 May
Ba tumellanong le nama ba beha likelello tsa bona linthong tsa nama.—Bar. 8:5.
Bakreste ba Roma ba ne ba lokela ho sheba hore na ntho e tlang pele bophelong ba bona ke efe. Na ba ne ba phelela ‘lintho tsa nama’? Le rona re lokela ho ipotsa potso e tšoanang. Ke lintho life tseo re amehileng ka tsona haholo? Ke lintho life tseo re atisang ho bua ka tsona? Re phelela’ng letsatsi le letsatsi? Batho ba bang ba amehile ka ho noa mefuta e fapaneng ea joala, ho khabisa matlo a bona, feshene, ho bokella chelete, ho ikhatholla le tse ling. Ha ho letho le phoso ka lintho tsena. Mohlala, Jesu o ile a fetola metsi veine. Pauluse le eena o ile a re Timothea a noe “veine e nyenyane.” (1 Tim. 5:23; Joh. 2:3-11) Leha ho le joalo, na Jesu le Pauluse ba ne ba atisa ho bua ka veine? Che. Ho thoe’ng ka rona? Ntho ea bohlokoa bophelong ba rona ke eng? w16.12 2:5, 10, 11
La 21-27 May
Mareka 11–12
Pina ea 34 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“O Akhetse ho Fetang ha Bohle”: (10 mets.)
Mar 12:41, 42—Jesu o ile a bona mohlolohali ea futsanehileng a akhela licheletana tse peli tsa tšepe tsa boleng bo tlaase ka matloleng a polokelo tempeleng (“matlōle a polokelo ea matlotlo,” “licheletana tse peli tsa tšepe,” “tsa boleng bo bonyenyane haholo” nwtsty litlhaloso tsa Mar 12:41, 42)
Mar 12:43—Jesu o ile a ananela mpho ea hae hoo a ileng a bua ka taba eo ho barutuoa ba hae (w97 10/15 16-17 ¶16-17)
Mar 12:44—Molimo o ne a nka mpho ea mohlolohali eo e le ea bohlokoahali (w97 10/15 17 ¶17; w87 12/1 30 ¶1;cl 185 ¶15)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mar 11:17—Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re tempele ke “ntlo ea thapelo ea lichaba tsohle”? (“ntlo ea thapelo bakeng sa lichaba tsohle” nwtsty litlhaloso tsa Mar 11:17)
Mar 11:27, 28—Bahanyetsi ba Jesu ba ne ba bua ka “lintho” life? (jy 244 ¶7)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar 12:13-27
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Mong’a ntlo o u bolella hore o hlokahaletsoe ke mong’ka eena.
Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Ho ba le tumelo ho Jehova ho re thusa ho etsa lintho tse kholo: (15 mets.) Bapala video.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Khao. 8 ¶1-10
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 98 le Thapelo