Sontaha, la 27 May
Mora oa ka Solomone o mocha ’me ha aa tiea. . . Kahoo, e-re ke mo lokisetse.—1 Likron. 22:5.
E ka ’na eaba Davida o ile a nahana hore Solomone a ke ke a khona ho phetha kabelo eo ea bohlokoa ea ho haha ntlo ea Jehova. Etsoe tempele e ne e “lokela ho ba e hlollang ka mokhoa o fetisisang ka botle” ’me ka nako eo Solomone o ne a sa le ‘mocha ’me a se na boiphihlelo.’ Leha ho le joalo, Davida o ne a tseba hore Jehova o tla tšehetsa Solomone. Kahoo Davida o ile a etsa sohle seo a ka se khonang ho tšehetsa Solomone, ka ho hlophisa lintho tsohle tse hlokahalang. Ka ho tšoanang barab’abo rona ba holileng kajeno ha ba a lokela ho ba leqe ho fetisetsa likabelo tsa bona ho ba bacha ha ho hlokahala. Ha e le hantle, ke ha bohlokoa hore ba bacha ba rupelloe ho etsa mosebetsi o eketsehileng. Bara bana babo rona ba holileng ba lokela ho thaba ha ba bacha bao ba ba koetlisitseng ba tšoaneleha ho amohela mosebetsi o eketsehileng. w17.01 5:8, 9
La 21-27 May
Mareka 11–12
Pina ea 34 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“O Akhetse ho Fetang ha Bohle”: (10 mets.)
Mar 12:41, 42—Jesu o ile a bona mohlolohali ea futsanehileng a akhela licheletana tse peli tsa tšepe tsa boleng bo tlaase ka matloleng a polokelo tempeleng (“matlōle a polokelo ea matlotlo,” “licheletana tse peli tsa tšepe,” “tsa boleng bo bonyenyane haholo” nwtsty litlhaloso tsa Mar 12:41, 42)
Mar 12:43—Jesu o ile a ananela mpho ea hae hoo a ileng a bua ka taba eo ho barutuoa ba hae (w97 10/15 16-17 ¶16-17)
Mar 12:44—Molimo o ne a nka mpho ea mohlolohali eo e le ea bohlokoahali (w97 10/15 17 ¶17; w87 12/1 30 ¶1;cl 185 ¶15)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mar 11:17—Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re tempele ke “ntlo ea thapelo ea lichaba tsohle”? (“ntlo ea thapelo bakeng sa lichaba tsohle” nwtsty litlhaloso tsa Mar 11:17)
Mar 11:27, 28—Bahanyetsi ba Jesu ba ne ba bua ka “lintho” life? (jy 244 ¶7)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar 12:13-27
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Mong’a ntlo o u bolella hore o hlokahaletsoe ke mong’ka eena.
Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Ho ba le tumelo ho Jehova ho re thusa ho etsa lintho tse kholo: (15 mets.) Bapala video.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Khao. 8 ¶1-10
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 98 le Thapelo