Moqebelo, la 26 May
Le ikhethele kajeno eo le tla mo sebeletsa.—Josh. 24:15.
Ha mosali e mong a ne a lokela ho etsa qeto, o ile a re ho motsoalle oa hae: “Mpolelle feela hore na ke etse’ng, u se ke oa mpotsa lipotso.” Mosali eo o ne a thabela ho etsetsoa liqeto, ho e-na le ho sebelisa mpho eo ’Mopi a re fileng eona, e leng bolokolohi ba ho ikhethela. Uena u ikutloa joang? Na u rata ho iketsetsa liqeto, kapa u thabela ha ba bang ba u etsetsa tsona? U ikutloa joang ka bolokolohi ba ho ikhethela? Batho ba ile ba ba le maikutlo a fapaneng tabeng ena ka lilemo tse ngata. Ba bang ba re ha re na bolokolohi ba ho ikhethela, hobane Molimo o rerile esale pele hore na re tla etsa’ng bophelong. Athe ba bang ba re bolokolohi ha boa lokela ho beheloa meeli. Empa, e le hore re utloisise taba ena hantle, re lokela ho sheba ka Lentsoeng la Molimo, e leng Bibele. Hobane’ng? Hobane ke eona e rutang hore Jehova o re bopile re e-na le bolokolohi ba ho ikhethela, e leng bokhoni ba ho etsa liqeto ka bohlale. w17.01 2:1, 2
La 21-27 May
Mareka 11–12
Pina ea 34 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“O Akhetse ho Fetang ha Bohle”: (10 mets.)
Mar 12:41, 42—Jesu o ile a bona mohlolohali ea futsanehileng a akhela licheletana tse peli tsa tšepe tsa boleng bo tlaase ka matloleng a polokelo tempeleng (“matlōle a polokelo ea matlotlo,” “licheletana tse peli tsa tšepe,” “tsa boleng bo bonyenyane haholo” nwtsty litlhaloso tsa Mar 12:41, 42)
Mar 12:43—Jesu o ile a ananela mpho ea hae hoo a ileng a bua ka taba eo ho barutuoa ba hae (w97 10/15 16-17 ¶16-17)
Mar 12:44—Molimo o ne a nka mpho ea mohlolohali eo e le ea bohlokoahali (w97 10/15 17 ¶17; w87 12/1 30 ¶1;cl 185 ¶15)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mar 11:17—Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re tempele ke “ntlo ea thapelo ea lichaba tsohle”? (“ntlo ea thapelo bakeng sa lichaba tsohle” nwtsty litlhaloso tsa Mar 11:17)
Mar 11:27, 28—Bahanyetsi ba Jesu ba ne ba bua ka “lintho” life? (jy 244 ¶7)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar 12:13-27
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Mong’a ntlo o u bolella hore o hlokahaletsoe ke mong’ka eena.
Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Ho ba le tumelo ho Jehova ho re thusa ho etsa lintho tse kholo: (15 mets.) Bapala video.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Khao. 8 ¶1-10
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 98 le Thapelo