Labohlano, la 4 May
Litaba tse molemo li lokela ho boleloa lichabeng tsohle pele.—Mar. 13:10.
Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba phatlalatsa litaba tse molemo joang? Ba ne ba ea hohle moo ba ka fumanang batho teng. Mohlala, ba ne ba pakela batho literateng le limmarakeng. Ba ne ba boetse ba ea malapeng a batho. (Mat. 10:11; Luka 8:1; Lik. 5:42; 20:20) Ho paka ka ntlo le ntlo e ne e le tsela e hlophisehileng ea ho finyella batho ba mefuta eohle. Lipaki Tsa Jehova tsona li etsa’ng? Ke tsona feela tse phatlalatsang hore Jesu o qalile ho busa e le Morena ka 1914. Li mamela Jesu ’me li etelletsa pele mosebetsi oa boboleli. Buka e bitsoang Pillars of Faith—American Congregations and Their Partners e re Lipaki Tsa Jehova ha li lebale hore sepheo sa tsona se ka sehloohong ke ho phatlalatsa hore bofelo ba lefatše bo atametse le ho ruta batho e le hore ba tle ba bolokehe. Lipaki Tsa Jehova li tsoela pele ho phatlalatsa molaetsa ona le ho etsisa litsela tseo Jesu le barutuoa ba hae ba neng ba ruta ka tsona. w16.05 2:10, 12
La 30 April–la 6 May
Mareka 5–6
Pina ea 111 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Jesu o na le Matla a ho Tsosa Baratuoa ba Rona ba Shoeleng”: (10 mets.)
Mar 5:38—Re utloa bohloko ha motho eo re mo ratang a hlokahala
Mar 5:39-41—Jesu o na le matla a ho tsosa ba ‘robetseng lefung’ (“ha aa shoa, empa o robetse” litlhaloso tsa Mar 5:39, nwtsty)
Mar 5:42 —Tsoho ea bafu e tl’o etsahala e tla re thabisa haholo (jy 118 ¶6)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mar 5:19, 20—Ke hobane’ng ha Jesu a ile a fana ka taelo e fapaneng lekhetlong lee? (“ha aa shoa, empa o robetse” litlhaloso tsa Mar 5:39, nwtsty)
Mar 6:11—Ho bolela’ng ho ‘hlohlora lerole le maotong a rona’? (“hlohlore lerôle le ka tlas’a maoto a lôna litlhaloso tsa Mar 6:11, nwtsty)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar. 6:1-13
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Bontša mong’a ntlo websaete ea rona ea jw.org/st.
Leeto la boraro la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Khetha lengolo leo u batlang ho bua ka lona le potso eo u tla e botsa.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 36¶23-24—Bontša kamoo u ka finyellang pelo ea seithuti kateng.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Bontša Bokhoni ha u Sebelisa Lintho Tsa Bohlokoa Tseo re Rutang ka Tsona”: (5 mets.) Puisano.
Ho Fumana Matšeliso ka Mokhatlong oa Jehova: (10 mets.) Puisano. Bapala video. Ka mor’a moo, botsa lipotso tse latelang: Lelapa la Peras le ile la e-ba le mathata afe? Ba thusitsoe ke eng hore ba mamelle? Ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele ka tloaelo ea rona ea ho matlafatsa kamano ea rona le Molimo leha re e-na le mathata?
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 7¶10-19 le lebokose le leqepheng la 81
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 101 le Thapelo