Labohlano, la 11 May
Eaba ba inkela basali, e leng, bohle bao ba ba khethileng.—Gen. 6:2.
Mangeloi a neng a nkile ’mele ea batho ’me a nyala basali a ile a ba le bana ba mabifi ba bitsoang Banefilime. Ho feta moo, ‘bobe ba motho bo ne bo le bongata lefatšeng ’me tšekamelo eohle ea menahano ea pelo ea hae e le mpe feela ka linako tsohle.’ (Gen. 6:1-5) Jehova o ile a tlisa Moroallo mehleng ea Noe ho felisa batho ba khopo. Ka nako eo, batho ba ne ba phathahane ba iketsetsa mabaka a bona, ba nyala, ba nyalisoa ’me ha baa ka ba mamela “Noe, ’moleli oa ho loka” ha a ba bolella ka timetso e haufi. (2 Pet. 2:5) Jesu o ile a bapisa maemo ao le a neng a tla ba teng mehleng ena. (Mat. 24:37-39) Hona joale, batho ba bangata ha ba mamele litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo tse boleloang lefatšeng lohle e le bopaki ho lichaba tsohle pele tsamaiso ena e khopo ea lintho e felisoa. Sena se re bontša hore lintho tse kang ho nyala le ho holisa bana ha lia lokela ho re sitisa hore re lule re falimehile ha letsatsi la Jehova le ntse le atamela. w16.08 1:8, 9
La 7-13 May
Mareka 7–8
Pina ea 13 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Nka Thupa ea Hao ea Tlhokofatso U Ntatele U sa Khaotse”: (10 mets.)
Mar 8:34—Re lokela ho itela e le hore re be balateli ba Jesu (“a ke a itatole” nwtsty litlhaloso tsa Mar 8:34; w92 8/1 17 ¶14)
Mar 8:35-37—Jesu o botsa lipotso tse peli tse fatang maikutlo e le ho re thusa ho tsepamisa kelello linthong tsa bohlokoa (w08 10/15 25-26 ¶3-4)
Mar 8:38—Re hloka ho ba sebete e le hore re be balateli ba Kreste (jy 143 ¶4)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mar 7:5-8—Ke hobane’ng ha taba ea ho hlapa matsoho e ne e le bothata ho Bafarisi? (w16.08 30 ¶1-4)
Mar 7:32-35—Jesu o re behetse mohlala joang ka ho tsotella monna ea sa utloeng litsebeng? (w00 2/15 17-18 ¶9-11)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar 7:1-15
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets.) Bapala video. ’me le buisane ka eona
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ho tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 156-157 ser 6-7
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Litlhoko Tsa Phutheho: (5 mets.)
“Thusa Bana ba Hao Hore e be Balateli ba Kreste”: (10 mets.) Puisano.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv. Khao. 7 ¶20-28
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 60 le Thapelo