Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
May
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Labone, la 3 May

Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea.—Bar. 15:4.

Na u se u kile ua nahana ka litlaleho tse ka Bibeleng tsa batho ba ileng ba qabana? Likhaolong tse qalang feela tsa Genese, re ithuta hore Kaine o ile a bolaea Abele (Gen. 4:3-8); Lameke a bolaea monna ea neng a mo otla (Gen. 4:23); balisa ba Abrahama ba pheha khang le balisa ba Lota (Gen. 13:5-7); Hagare a ikhohomosetsa Sara, ’me Sara a koatela Abrahama (Gen. 16:3-6); Ishmaele o ne a sa utloane le batho bohle. (Gen. 16:12) Ke hobane’ng ha liqabang tsee li ile tsa tlalehoa ka Bibeleng? Hobane ho na le seo re ka ithutang sona mehlaleng ea batho bana ba neng ba sa phethahala, ’me ba e-na le mathata a tebileng. Le rona ha rea phethahala, ’me re tobana le mathata a tšoanang. Kahoo re ka etsisa mehlala e metle e tlalehiloeng ka Bibeleng, ra ba ra qoba e fosahetseng. w16.05 1:1, 2

La 30 April–La 6 May
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | April

La 30 April–la 6 May

Mareka 5–6

  • Pina ea 111 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Jesu o na le Matla a ho Tsosa Baratuoa ba Rona ba Shoeleng”: (10 mets.)

    • Mar 5:38—Re utloa bohloko ha motho eo re mo ratang a hlokahala

    • Mar 5:39-41—Jesu o na le matla a ho tsosa ba ‘robetseng lefung’ (“ha aa shoa, empa o robetse” litlhaloso tsa Mar 5:39, nwtsty)

    • Mar 5:42 —Tsoho ea bafu e tl’o etsahala e tla re thabisa haholo (jy 118 ¶6)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mar 5:19, 20—Ke hobane’ng ha Jesu a ile a fana ka taelo e fapaneng lekhetlong lee? (“ha aa shoa, empa o robetse” litlhaloso tsa Mar 5:39, nwtsty)

    • Mar 6:11—Ho bolela’ng ho ‘hlohlora lerole le maotong a rona’? (“hlohlore lerôle le ka tlas’a maoto a lôna litlhaloso tsa Mar 6:11, nwtsty)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar. 6:1-13

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Bontša mong’a ntlo websaete ea rona ea jw.org/st.

  • Leeto la boraro la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Khetha lengolo leo u batlang ho bua ka lona le potso eo u tla e botsa.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 36¶23-24—Bontša kamoo u ka finyellang pelo ea seithuti kateng.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 24

  • “Bontša Bokhoni ha u Sebelisa Lintho Tsa Bohlokoa Tseo re Rutang ka Tsona”: (5 mets.) Puisano.

  • Ho Fumana Matšeliso ka Mokhatlong oa Jehova: (10 mets.) Puisano. Bapala video. Ka mor’a moo, botsa lipotso tse latelang: Lelapa la Peras le ile la e-ba le mathata afe? Ba thusitsoe ke eng hore ba mamelle? Ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele ka tloaelo ea rona ea ho matlafatsa kamano ea rona le Molimo leha re e-na le mathata?

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 7¶10-19 le lebokose le leqepheng la 81

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 101 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | March

BEKE EA LA 30 APRIL, 2018–LA 6 MAY, 2018

3 Bakreste ba Lokela ho Kolobetsoa

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela