Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
May
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Mantaha, la 7 May

Ka lebaka leo ea nahanang hore o eme a ke a hlokomele hore a se ke a oa.—1 Bakor. 10:12.

Tšebeletso ea tšimo e ka re bopa ’me ea re thusa ho ba batho ba molemo. Joang? Ha re bolela litaba tse molemo re lokela ho ba le boikokobetso le litšobotsi tsa tholoana ea moea oa Molimo. (Bagal. 5:22, 23) Batho ba thabela molaetsa oa rona ha re etsisa Kreste, ’me ba ka ’na ba fetola le tsela eo ba itšoarang ka eona. Ka mohlala, Lipaki tse peli tsa Australia li ile tsa leka ho buisana le ’mè e mong ha hae, empa a li halefela ’me a li buisa hampe. Leha ho le joalo, Lipaki tseo li ile tsa mo mamela ka hloko. Hamorao, ’mè eo o ile a ikoahlaea ’me a ngolla ofisi ea lekala. A kopa tšoarelo ka se etsahetseng. O ile a re: “Ke ile ka ba booatla ka ho leka ho thiba batho ba buang ka Lentsoe la Molimo le ho ba leleka ka tsela eo.” Mohlaleng ona re ithuta bohlokoa ba ho khoba matšoafo ha re le tšimong. Ke ’nete hore tšebeletso ea tšimo e thusa batho ba bang, empa e boetse e re thusa hore re be le makhabane a matle. w16.06 2:12, 13

La 7-13 May
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | May

La 7-13 May

Mareka 7–8

  • Pina ea 13 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Nka Thupa ea Hao ea Tlhokofatso U Ntatele U sa Khaotse”: (10 mets.)

    • Mar 8:34—Re lokela ho itela e le hore re be balateli ba Jesu (“a ke a itatole” nwtsty litlhaloso tsa Mar 8:34; w92 8/1 17 ¶14)

    • Mar 8:35-37—Jesu o botsa lipotso tse peli tse fatang maikutlo e le ho re thusa ho tsepamisa kelello linthong tsa bohlokoa (w08 10/15 25-26 ¶3-4)

    • Mar 8:38—Re hloka ho ba sebete e le hore re be balateli ba Kreste (jy 143 ¶4)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mar 7:5-8—Ke hobane’ng ha taba ea ho hlapa matsoho e ne e le bothata ho Bafarisi? (w16.08 30 ¶1-4)

    • Mar 7:32-35—Jesu o re behetse mohlala joang ka ho tsotella monna ea sa utloeng litsebeng? (w00 2/15 17-18 ¶9-11)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar 7:1-15

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets.) Bapala video. ’me le buisane ka eona

  • Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ho tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 156-157 ser 6-7

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 51

  • Litlhoko Tsa Phutheho: (5 mets.)

  • “Thusa Bana ba Hao Hore e be Balateli ba Kreste”: (10 mets.) Puisano.

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv. Khao. 7 ¶20-28

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 60 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | March

BEKE EA LA 7-13 MAY, 2018

8 Batsoali, na le Thusa Bana ho Itokisetsa ho Kolobetsoa?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela