Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
May
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Labobeli, la 8 May

U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.—Mat. 22:39.

Batho bohle ba tsoetsoe ba sa phethahala ka lebaka la sebe sa Adama. (Bar. 5:12, 19) Kahoo, ka linako tse ling ba bang ka phuthehong ba ka ’na ba bua kapa ba etsa lintho tse re utloisang bohloko. Re tla etsa’ng ha seo se etsahala? Mohlala, Eli e ne e le moprista ea phahameng oa Iseraele, leha ho le joalo bara ba hae ba babeli ba ne ba sa hlomphe melao ea Jehova. Bibele e re: “Bara ba Eli e ne e le banna ba se nang molemo; ba ne ba sa ele Jehova hloko.” (1 Sam. 2:12) Eli o ne a tseba hore bara ba hae ba etsa lintho tse tsoileng tseleng. Leha ho le joalo, ha aa ka a ba khalemela ka matla. Ka nako e loketseng, Jehova o ile a khalemela Eli le bara ba hae. Hamorao a etsa hore ba leloko la Eli e se hlole e e-ba baprista ba phahameng. (1 Sam. 3:10-14) Haeba u ne u phela mehleng ea Eli ’me u tseba hore o lumella bara ba hae ho etsa lintho tse fosahetseng joalo, na u ne u tla khopeha? Na boemo boo bo ne bo tla thefula tumelo ea hao ho Jehova, ’me bo etse hore u khaotse ho mo sebeletsa? w16.06 4:5, 6

La 7-13 May
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | May

La 7-13 May

Mareka 7–8

  • Pina ea 13 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Nka Thupa ea Hao ea Tlhokofatso U Ntatele U sa Khaotse”: (10 mets.)

    • Mar 8:34—Re lokela ho itela e le hore re be balateli ba Jesu (“a ke a itatole” nwtsty litlhaloso tsa Mar 8:34; w92 8/1 17 ¶14)

    • Mar 8:35-37—Jesu o botsa lipotso tse peli tse fatang maikutlo e le ho re thusa ho tsepamisa kelello linthong tsa bohlokoa (w08 10/15 25-26 ¶3-4)

    • Mar 8:38—Re hloka ho ba sebete e le hore re be balateli ba Kreste (jy 143 ¶4)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mar 7:5-8—Ke hobane’ng ha taba ea ho hlapa matsoho e ne e le bothata ho Bafarisi? (w16.08 30 ¶1-4)

    • Mar 7:32-35—Jesu o re behetse mohlala joang ka ho tsotella monna ea sa utloeng litsebeng? (w00 2/15 17-18 ¶9-11)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar 7:1-15

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets.) Bapala video. ’me le buisane ka eona

  • Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ho tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 156-157 ser 6-7

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 51

  • Litlhoko Tsa Phutheho: (5 mets.)

  • “Thusa Bana ba Hao Hore e be Balateli ba Kreste”: (10 mets.) Puisano.

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv. Khao. 7 ¶20-28

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 60 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | March

BEKE EA LA 7-13 MAY, 2018

8 Batsoali, na le Thusa Bana ho Itokisetsa ho Kolobetsoa?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela