Labobeli, la 15 May
Ke tla matha tseleng ea litaelo tsa hao.—Pes. 119:32.
Ba bang ba rona re lokela ho loantša bofokoli bo itseng. Ba bang bona ba lokela ho loanela ho ba le boikutlo bo nepahetseng ka tšebeletso. Mohlomong uena u ua kula kapa u jeoa ke bolutu. Ba bang bona ba thatafalloa ho tšoarela batho ba ba foselitseng. Ho sa tsotellehe hore na ke khale hakae re sebeletsa Jehova, kaofela ha rona re lokela ho loantša ntho leha e le efe e ka re sitisang ho sebeletsa Molimo, ea putsang ba tšepahalang. Haeba u hlokomela hore ho na le moo u lokelang ho ntlafatsa teng, kopa Molimo hore a u thuse ka moea o halalelang. Thapelo le moea o halalelang li tla u thusa ho etsa se nepahetseng ’me Jehova o tla u hlohonolofatsa. Etsa lintho tse lumellanang le lithapelo tsa hao. Leka ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng, ’me u iphe nako ea ho ba le thuto ea botho le ea ho tšoara Borapeli ba Lelapa.—Pes. 119:32. w16.09 2:10, 11
La 14-20 May
Mareka 9–10
Pina ea 22 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Pono e Matlafatsang Tumelo”: (10 mets.)
Mar 9:1—Jesu o tšepisa ba bang ba baapostola ba hae hore ba tla bona pontšo ea khanya ea hae ha a se a busa ’Musong oa Molimo (w05 1/15 12 ¶9-10)
Mar 9:2-6—Petrose, Jakobo le Johanne ba bona Jesu a fetoha sebopeho ’me ho hlaha “Elia” le “Moshe” ba buisana le eena (w05 1/15 12 ¶11)
Mar 9:7—Ho utloahala lentsoe la Jehova a tiisa hore Jesu ke Mora oa hae (“lentsoe” nwtsty litlhaloso tsa Mar 9:7)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mar 10:6-9—Jesu o buile ka molao-motheo ofe mabapi le lenyalo? (w08 2/15 30 ¶8)
Mar 10:17, 18—Ke hobane’ng ha Jesu a ile a khalemela monna e mong ha a ne a mo bitsa “Mosuoe ea Molemo”? (“Mosuoe ea Molemo,” “Ha ho ea molemo, haese a le mong, Molimo.” nwtsty litlhaloso tsa Mar 10:17, 18)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar 9:1-13
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.
Video ea Leeto la Pele la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.
Puo: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) w04 5/15 30-31—Sehlooho: Jesu o ne a bolela’ng ka mantsoe a tlalehiloeng ho Mareka 10:25?
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Seo Molimo a se Kopantseng Hammoho . . . ”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea Ho Ratana le ho Hlomphana ho Momahanya Malapa.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv. Sehlomathiso se leqepheng la 215-218
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 66 le Thapelo