Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
June
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Sontaha, la 10 June

A re atameleng ka bolokolohi ba puo teroneng ea mosa o sa tšoanelang.—Baheb. 4:16.

Ka mosa oa hae o sa tšoanelang, Jehova o re buletse monyetla oa hore re atamele ho eena ka thapelo. O re file tlotla ea hore re mo rapele re sebelisa lebitso la Mora oa hae, “eo ka eena re buang ka bolokolohi bona le katamelo ka kholiseho ka tumelo ea rōna ho eena.” (Baef. 3:12) Ka sebele, tlotla eo Jehova a re fileng eona ea hore re mo rapele, ke pontšo ea mosa oa hae o sa tšoanelang. Pauluse o re khothallelitse hore re rapele Jehova ka bolokolohi, “e le hore re ka fumana mohau le ho fumana mosa o sa tšoanelang bakeng sa thuso ka nako e nepahetseng.” (Baheb. 4:16b) Kamehla ha re tobane le liteko le mathata, re ka rapela Jehova hore a re thuse. Le hoja re sa tšoanelehe hore a ka araba lithapelo tsa rona, hangata o li araba a sebelisa Bakreste-’moho le rona, “e le hore re ka ba sebete ’me ra re: ‘Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba. Motho a ka nketsa’ng?’”—Baheb. 13:6. w16.07 3:12, 13

La 4-10 June
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | June

La 4-10 June

Mareka 15-16

  • Pina ea 95 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Jesu o Ile a Phethahatsa Boprofeta”: (10 mets.)

    • Mar 15:3-5—O ile a thola ha a qosoa

    • Mar 15:24, 29, 30—Ba ile ba lahla lotho bakeng sa liphahlo tsa hae hape ba mo soma (“ba aba liaparo tsa hae tsa ka ntle” litlhaloso tsa Mar. 15:24,tse ho nwtsty-E; “ba sisinya lihlooho” litlhaloso tsa Mar. 15:29 tse ho nwtsty-E)

    • Mar 15:43, 46—O ile a patoa le barui (“Josefa” litlhaloso tsa Mar 15:43,tse ho nwtsty-E)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mar 15:25—Ke mabaka afe a etsang hore ho be le linako tse sa tšoaneng mabapi le hore na Jesu o khokhothetsoe thupeng neng? (“hora ea boraro” litlhaloso tsa Mar 15:25, tse ho nwtsty-E)

    • Mar 16:8—Ke hobane’ng ha Phetolelo ea Lefatše le Lecha e sa kenyelletsa sephetho se se lelele kapa se sekhutšoaane kosepeleng ea Mareka? (“kaha ba ne ba tšaba.” litlhaloso tsa Mar 16:8, nwtsty-E)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar 15:1-15

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets.) Bapala le ho bua ka video.

  • Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka ho tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) jl thuto ea 2

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 63

  • “Latela Mehato ea Kreste Haufi-ufi”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea Lebitso la Jehova ke la Bohlokoa Haholo (tlas’a LIPUISANO LE LIPHIHLELO).

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv.Khao. 8 ¶19-26 le lebokose le leqhepheng la 94 le la 96

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 140 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | April

BEKE EA LA 4-10 June, 2018

3 U ka ba le Tokoloho ea ’Nete Joang?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela