Mantaha, la 11 June
Sara [o] ne a mamela Abrahama, a mo bitsa “morena.” Le fetohile bana ba hae.—1 Pet. 3:6.
Noe o ne a e-na le bara ba bararo. Ka bone ba bona, e mong le e mong o ne a e-na le mosali a le mong feela. Empa batho ba mehleng eo ba ne ba nyala sethepu. Litsong tse ngata, boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate bo ne bo tloaelehile, ebile bo kenyelletsoa litšebeletsong tsa bolumeli. Abrame (Abrahama) le mosali oa hae, Sarai (Sara), ba ile ba mamela Molimo ’me ba fallela Kanana, moo ba ileng ba fumana baahi ba teng ba etsa lintho tse ngata tse theolang lenyalo seriti. Jehova o ile a laela hore Sodoma le Gomora li timetsoe, kaha baahi ba teng ba ne ba etsa liketso tse feteletseng tsa boitšoaro bo bobe ba bile ba li lumella. Abrahama o ile a etella pele lelapa la hae ka tsela e loketseng, ’me Sara a beha mohlala o motle oa ho ikokobelletsa bohlooho ba monna oa hae. (1 Pet. 3:3-5) Abrahama o ile a netefatsa hore mora oa hae Isaka o nyala morapeli oa Jehova. Mora oa Isaka ea bitsoang Jakobo, eo bara ba hae e ileng ea e-ba baholo-holo ba meloko e 12 ea Iseraele, le eena o ile a latela melao-motheo e tataisang barapeli ba ’nete. w16.08 1:10
La 11-17 June
Luka 1
Pina ea 137 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Ikokobetse Joaloka Maria”: (10 mets.)
[Bapala video ea Selelekela sa Luka.]
Lu 1:38—O ile a amohela kabelo ea hae ka boikokobetso (ia 149 ¶12)
Lu 1:46-55—O ile a rorisa Jehova ka ho qotsa Lentsoe la hae (ia 150-151 ¶15-16)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Lu 1:69—Ke’ng se boleloang ke “lenaka la poloko”? (“lenaka la poloko” litlhaloso tsa Lu 1:69, tse ho nwtsty-E)
Lu 1:76—Ke ka kutloisiso efe Johanne Mokolobetsi a neng a tla “tsamaea ka pel’a Jehova”? (“u tla tsamaea ka pel’a Jehova” litlhaloso tsa Lu 1:76, tse ho nwtsty-E)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 1:46-66
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.
Video ea Leeto la Pele la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.
Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Litlhoko Tsa Phutheho: (8 mets.) Haeba li le sieo, buisanang ka lintlha tsa temana ea selemo ea 2018. (w18.01 8-9 ¶4-7)
Seo Mokhatlo o se Finyeletseng: (7 mets.) Bapala video ea Seo Mokhatlo o se Finyeletseng ea June.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv.Khao. 9 ¶1-12 le lebokose le leqepheng la 101.
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 58 le Thapelo