Sontaha, la 17 June
Ba ile ba pakoa ka tumelo ea bona.—Baheb. 11:39.
Ba tšepahalang ba tlalehiloeng ho Baheberu khaolo ea 11 ba ile ba shoa pele “peō” e tšepisitsoeng, e leng Jesu Kreste a bulela batho tsela e eang leholimong. (Bagal. 3:16) Leha ho le joalo, ba tla tsosoa hore ba tl’o phela lefatšeng la paradeise e se e le batho ba phethahetseng. (Pes. 37:11; Esa. 26:19; Hos. 13:14) Ha Baheberu 11:13 e bua ka bahlanka ba Molimo ba boholo-holo, e re: “Ka tumelo bana kaofela ba ile ba shoa, le hoja ba sa ka ba fumana phethahatso ea litšepiso, empa ba ile ba li bonela hōle ’me ba li amohela.” E mong oa bona ke Abrahama. Na o ile a lula a hopola tebello e babatsehang ea ho phela a se a busoa ke “peō” e tšepisitsoeng? Jesu o ile a araba potso eo ka ho toba, ha a re ho bahanyetsi ba hae: “Abrahama o ile a thaba haholo ka tebello ea ho bona letsatsi la ka, ’me o ile a le bona ’me a thaba.” (Joh. 8:56) Sara, Isaka, Jakobo le ba bang ba bangata le bona ba ile ba lula ba behile tšepo ea bona ’Musong o tlang “oo sehahi le moetsi oa oona e leng Molimo.”—Heb. 11:8-11. w16.10 3:4, 5
La 11-17 June
Luka 1
Pina ea 137 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Ikokobetse Joaloka Maria”: (10 mets.)
[Bapala video ea Selelekela sa Luka.]
Lu 1:38—O ile a amohela kabelo ea hae ka boikokobetso (ia 149 ¶12)
Lu 1:46-55—O ile a rorisa Jehova ka ho qotsa Lentsoe la hae (ia 150-151 ¶15-16)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Lu 1:69—Ke’ng se boleloang ke “lenaka la poloko”? (“lenaka la poloko” litlhaloso tsa Lu 1:69, tse ho nwtsty-E)
Lu 1:76—Ke ka kutloisiso efe Johanne Mokolobetsi a neng a tla “tsamaea ka pel’a Jehova”? (“u tla tsamaea ka pel’a Jehova” litlhaloso tsa Lu 1:76, tse ho nwtsty-E)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 1:46-66
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.
Video ea Leeto la Pele la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.
Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Litlhoko Tsa Phutheho: (8 mets.) Haeba li le sieo, buisanang ka lintlha tsa temana ea selemo ea 2018. (w18.01 8-9 ¶4-7)
Seo Mokhatlo o se Finyeletseng: (7 mets.) Bapala video ea Seo Mokhatlo o se Finyeletseng ea June.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv.Khao. 9 ¶1-12 le lebokose le leqepheng la 101.
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 58 le Thapelo