Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
June
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Sontaha, la 24 June

Jehova . . . [o le khethile] hore le be sechaba sa hae, thepa e khethehileng.—Deut. 7:6.

Jehova o ne a batla ho boloka tšepiso eo a ileng a e etsa ho motsoalle oa hae Abrahama. (Gen. 22:15-18) Ho feta moo, kamehla Jehova o sebelisa bolokolohi ba hae ka tsela e bontšang lerato le toka. Re bona sena tseleng eo a neng a khalemela Baiseraele ka eona ha ba ne ba furalla borapeli ba ’nete. Ha ba ikoahlaela liphoso tsa bona, Jehova o ne a ba bontša mohau. O ile a re: “Ke tla folisa ho se tšepahale ha bona. Ke tla ba rata ka boithatelo ba ka.” (Hos. 14:4) Ke mohlala o babatsehang hakaakang oa ho sebelisa bolokolohi ba ho ikhethela molemong oa ba bang. Ka lerato, Jehova o ile a khetha ho bopa mangeloi le batho ba e-na le bolokolohi ba ho ikhethela. Mora oa Molimo oa letsibolo, eo e leng “setšoantšo sa Molimo ea sa bonahaleng,” ke eena oa pele ea ileng a fuoa bolokolohi bona. (Bakol. 1:15) Le pele Jesu a tla lefatšeng, o ile a khetha ho tšepahalla Ntate oa hae, ho e-na le ho tšehetsa bofetoheli ba Satane. w17.01 2:3, 4

La 18-24 June
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | June

La 18-24 June

Luka 2–3

  • Pina ea 133 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Bacha, na le Ntlafatsa Kamano ea Lona le Jehova?”: (10 mets.)

    • Lu 2:41, 42—Selemo le selemo, Jesu o ne a e-ea moketeng oa Paseka le batsoali ba hae (“batsoali ba hae ba ne ba tloaetse” litlhaloso tsa Lu 2:41, tse ho nwtsty-E)

    • Lu 2:46, 47—Jesu o ne a mamela mesuoe le ho e botsa lipotso (“a ba botsa lipotso,” “ba ne ba makatsoa ka nako eohle” litlhaloso tsa Lu 2:46, 47, tse ho nwtsty-E)

    • Lu 2:51, 52—Jesu o ile “a tsoela pele ho ipeha tlas’a” batsoali ba hae kahoo a amoheleha ho Molimo le ho batho (“a tsoela pele ho ipeha tlas’a bona” litlhaloso tsa Lu 2:51, tse ho nwtsty-E)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Lu 2:14—Temana ee e bolela’ng? (“’me khotso e be har’a batho bao a khahloang ke bona lefatšeng,” “batho bao a khahloang ke bona” litlhaloso tsa Lu 2:14, tse ho nwtsty-E)

    • Lu 3:23—Ntate oa Josefa e ne e le mang? (wp16.3 9 ¶1-3)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 2:1-20

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.

  • Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.

  • Puo: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) w14 2/15 26-27—Sehlooho: Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba e-na le mabaka afe a ho lula “ba lebeletse” Mesia?

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 134

  • “Batsoali, Thusang Bana ba Lona Hore ba Atlehe”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea Ba Ile ba Sebelisa Monyetla o Mong le o Mong

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv. Khao. 9 ¶13-21 le lebokose le leqepheng la 104

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 17 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | April

BEKE EA LA 18-24 June, 2018

15 Etsisang Jehova ka ho Khothatsa Batho ba Bang

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela