Labobeli, la 19 June
[Jehova o entse] maholimo ka kutloisiso.—Pes. 136:5.
Bokahohle bo hlophisehile ka tsela e babatsehang. Ka hona, ke ho utloahalang hore Jehova a lebelle hore barapeli ba hae ba hlophisehe. Ke kahoo Molimo a re fileng Bibele hore e re tataise. Bophelo bo ne bo tla ba bosula hoja ebe Molimo ha a re tataise ka mokhatlo oa hae le ka melao ea hae. Sechaba sa Iseraele ea boholo-holo se ne se hlophisehile. Mohlala, tlas’a Molao oa Moshe ho ne ho e-na le “makhabunyane a neng a etsa tšebeletso e hlophisitsoeng monyako oa tente ea pokano.” (Ex. 38:8) Hamorao, Morena Davida o ile a hlophisa Balevi le baprista, a ba arola ka lihlopha. (1 Likron. 23:1-6; 24:1-3) Phutheho ea lekholong la pele la lilemo e ne e hlophisehile ’me e tataisoa ke sehlopha se busang, seo qalong se neng se entsoe ka baapostola. (Lik. 6:1-6) Litho tsa sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo le ba bang ba neng ba sebelisana le sona haufi-ufi, ba ile ba ngola mangolo ho fana ka keletso le litaelo.—1 Tim. 3:1-13; Tite 1:5-9. w16.11 2:3, 6, 8, 9
La 18-24 June
Luka 2–3
Pina ea 133 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Bacha, na le Ntlafatsa Kamano ea Lona le Jehova?”: (10 mets.)
Lu 2:41, 42—Selemo le selemo, Jesu o ne a e-ea moketeng oa Paseka le batsoali ba hae (“batsoali ba hae ba ne ba tloaetse” litlhaloso tsa Lu 2:41, tse ho nwtsty-E)
Lu 2:46, 47—Jesu o ne a mamela mesuoe le ho e botsa lipotso (“a ba botsa lipotso,” “ba ne ba makatsoa ka nako eohle” litlhaloso tsa Lu 2:46, 47, tse ho nwtsty-E)
Lu 2:51, 52—Jesu o ile “a tsoela pele ho ipeha tlas’a” batsoali ba hae kahoo a amoheleha ho Molimo le ho batho (“a tsoela pele ho ipeha tlas’a bona” litlhaloso tsa Lu 2:51, tse ho nwtsty-E)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Lu 2:14—Temana ee e bolela’ng? (“’me khotso e be har’a batho bao a khahloang ke bona lefatšeng,” “batho bao a khahloang ke bona” litlhaloso tsa Lu 2:14, tse ho nwtsty-E)
Lu 3:23—Ntate oa Josefa e ne e le mang? (wp16.3 9 ¶1-3)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 2:1-20
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.
Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.
Puo: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) w14 2/15 26-27—Sehlooho: Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba e-na le mabaka afe a ho lula “ba lebeletse” Mesia?
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Batsoali, Thusang Bana ba Lona Hore ba Atlehe”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea Ba Ile ba Sebelisa Monyetla o Mong le o Mong
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv. Khao. 9 ¶13-21 le lebokose le leqepheng la 104
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 17 le Thapelo