Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
June
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Laboraro, la 20 June

Mang kapa mang ea lokeloang ke kholeho, a ee kholehong!—Jer. 15:2.

Ka 607 B.C.E. (e leng pele ho mehla ea Kreste), lebotho le matla la Babylona le neng le eteletsoe pele ke Morena Nebukadnezare oa II le ile la futuhela motse oa Jerusalema. Ha e bua ka tšollo ea mali e bileng teng, Bibele e re: “[Nebukadnezare o ile] a bolaea bahlankana ba bona ka sabole ka tlung ea sehalalelo sa bona, hape ha aa ka a qenehela mohlankana kapa moroetsana, ea tsofetseng kapa sekooa. . . . A chesa ntlo ea Molimo oa ’nete le ho heletsa lerako la Jerusalema; litora tsohle tsa eona tsa bolulo ba li chesa ka mollo le lintho tsohle tsa eona tse lakatsehang, e le hore ba bake tšenyo.” (2 Likron. 36:17, 19) E tlameha ebe baahi ba Jerusalema ha baa ka ba makala ha Jerusalema e timetsoa. Baprofeta ba Molimo ba ne ba qetile lilemo tse ngata ba ntse ba lemosa Bajuda hore haeba ba tsoela pele ho tlola Molao oa Molimo, Molimo o tla nehelana ka bona matsohong a Bababylona. Bajuda ba bangata ba ile ba bolaoa ka sabole; ’me baphonyohi ba qeta bophelo bohle ba le botlamuoeng Babylona. w16.11 4:1, 2

La 18-24 June
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | June

La 18-24 June

Luka 2–3

  • Pina ea 133 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Bacha, na le Ntlafatsa Kamano ea Lona le Jehova?”: (10 mets.)

    • Lu 2:41, 42—Selemo le selemo, Jesu o ne a e-ea moketeng oa Paseka le batsoali ba hae (“batsoali ba hae ba ne ba tloaetse” litlhaloso tsa Lu 2:41, tse ho nwtsty-E)

    • Lu 2:46, 47—Jesu o ne a mamela mesuoe le ho e botsa lipotso (“a ba botsa lipotso,” “ba ne ba makatsoa ka nako eohle” litlhaloso tsa Lu 2:46, 47, tse ho nwtsty-E)

    • Lu 2:51, 52—Jesu o ile “a tsoela pele ho ipeha tlas’a” batsoali ba hae kahoo a amoheleha ho Molimo le ho batho (“a tsoela pele ho ipeha tlas’a bona” litlhaloso tsa Lu 2:51, tse ho nwtsty-E)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Lu 2:14—Temana ee e bolela’ng? (“’me khotso e be har’a batho bao a khahloang ke bona lefatšeng,” “batho bao a khahloang ke bona” litlhaloso tsa Lu 2:14, tse ho nwtsty-E)

    • Lu 3:23—Ntate oa Josefa e ne e le mang? (wp16.3 9 ¶1-3)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 2:1-20

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.

  • Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.

  • Puo: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) w14 2/15 26-27—Sehlooho: Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba e-na le mabaka afe a ho lula “ba lebeletse” Mesia?

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 134

  • “Batsoali, Thusang Bana ba Lona Hore ba Atlehe”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea Ba Ile ba Sebelisa Monyetla o Mong le o Mong

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv. Khao. 9 ¶13-21 le lebokose le leqepheng la 104

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 17 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | April

BEKE EA LA 18-24 June, 2018

15 Etsisang Jehova ka ho Khothatsa Batho ba Bang

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela