Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
June
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Labobeli, la 12 June

E monyenyane o tla fetoha ba sekete, ’me ea fokolang e be sechaba se matla.—Esa. 60:22.

Boprofeta bona boa phethahala matsatsing ana a ho qetela. Selemong sa tšebeletso sa 2015, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba 8 220 105 ba bolelang litaba tse molemo lefatšeng lohle. Karolo e qetellang ea boprofeta bona e lokela ho re ama ka ho toba, kaha Ntate oa rona ea leholimong o re: “’Na, Jehova, ke tla ho potlakisa ka nako ea teng.” Feela joaloka bapalami ba ka koloing e tsamaeang ka lebelo, re lemoha sekhahla se ntseng se eketseha mosebetsing oa boboleli. Re ikutloa joang re le batho ka bomong ka see? Na re etsa sohle seo re ka se khonang ho ba bahoeletsi ba chesehang ba ’Muso? Bara le barali babo rona ba bangata e-ba bo-pula-maliboho ba kamehla kapa ba thusang. Kahoo, na ha re thabe ha re bona batho ba bangata ba ithaopela ho sebeletsa moo ho hlokehang bahoeletsi ba eketsehileng kapa ba kenya letsoho likarolong tse ling tsa tšebeletso? Ho phaella moo, ha ho pelaelo hore kaofela ha rona re na “le ho hongata hoo [re] ka ho etsang mosebetsing oa Morena.”—1 Bakor. 15:58. w16.08 3:1, 2

La 11-17 June
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | June

La 11-17 June

Luka 1

  • Pina ea 137 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Ikokobetse Joaloka Maria”: (10 mets.)

    • [Bapala video ea Selelekela sa Luka.]

    • Lu 1:38—O ile a amohela kabelo ea hae ka boikokobetso (ia 149 ¶12)

    • Lu 1:46-55—O ile a rorisa Jehova ka ho qotsa Lentsoe la hae (ia 150-151 ¶15-16)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Lu 1:69—Ke’ng se boleloang ke “lenaka la poloko”? (“lenaka la poloko” litlhaloso tsa Lu 1:69, tse ho nwtsty-E)

    • Lu 1:76—Ke ka kutloisiso efe Johanne Mokolobetsi a neng a tla “tsamaea ka pel’a Jehova”? (“u tla tsamaea ka pel’a Jehova” litlhaloso tsa Lu 1:76, tse ho nwtsty-E)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 1:46-66

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.

  • Video ea Leeto la Pele la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.

  • Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 92

  • Litlhoko Tsa Phutheho: (8 mets.) Haeba li le sieo, buisanang ka lintlha tsa temana ea selemo ea 2018. (w18.01 8-9 ¶4-7)

  • Seo Mokhatlo o se Finyeletseng: (7 mets.) Bapala video ea Seo Mokhatlo o se Finyeletseng ea June.

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv.Khao. 9 ¶1-12 le lebokose le leqepheng la 101.

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 58 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | April

BEKE EA LA 11-17 June, 2018

8 Sebeletsa Jehova, Molimo oa Tokoloho

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela