Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
June
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Labohlano, la 22 June

Ho beha kelello nameng ho bolela bora ho Molimo, etsoe ha e tlas’a molao oa Molimo.—Bar. 8:7.

Ke hobane’ng ha re lokela ho itlhahloba? Pauluse o ile a re: “Ho beha kelello nameng ho bolela lefu.” (Bar. 8:6) Taba ena e tebile hobane kamano ea rona le Jehova e ka senyeha ’me ra lahleheloa ke tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. Empa Pauluse o ne a sa bolele hore ha motho a qala a “beha kelello nameng,” joang kapa joang o tla shoa. Motho ea joalo a ka fetoha. Nahana ka monna e mong oa Korinthe ea ileng a phela tumellanong le “nama” ’me a qetella a khaotsoe. Leha ho le joalo hamorao o ile a fetoha. O ile a khaotsa ho phela tumellanong le nama ’me a boela a sebeletsa Jehova ka botšepehi. (2 Bakor. 2:6-8.) Haeba monna eo o ile a fetoha, hoa khoneha hore le Mokreste mehleng ena a fetohe. Kahoo, ho tseba hore ho “beha kelello nameng” ho ka senya kamano ea rona le Jehova, ho re susumelletsa hore re etse liphetoho leha e le life tse hlokahalang. w16.12 2:5, 12, 13

La 18-24 June
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | June

La 18-24 June

Luka 2–3

  • Pina ea 133 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Bacha, na le Ntlafatsa Kamano ea Lona le Jehova?”: (10 mets.)

    • Lu 2:41, 42—Selemo le selemo, Jesu o ne a e-ea moketeng oa Paseka le batsoali ba hae (“batsoali ba hae ba ne ba tloaetse” litlhaloso tsa Lu 2:41, tse ho nwtsty-E)

    • Lu 2:46, 47—Jesu o ne a mamela mesuoe le ho e botsa lipotso (“a ba botsa lipotso,” “ba ne ba makatsoa ka nako eohle” litlhaloso tsa Lu 2:46, 47, tse ho nwtsty-E)

    • Lu 2:51, 52—Jesu o ile “a tsoela pele ho ipeha tlas’a” batsoali ba hae kahoo a amoheleha ho Molimo le ho batho (“a tsoela pele ho ipeha tlas’a bona” litlhaloso tsa Lu 2:51, tse ho nwtsty-E)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Lu 2:14—Temana ee e bolela’ng? (“’me khotso e be har’a batho bao a khahloang ke bona lefatšeng,” “batho bao a khahloang ke bona” litlhaloso tsa Lu 2:14, tse ho nwtsty-E)

    • Lu 3:23—Ntate oa Josefa e ne e le mang? (wp16.3 9 ¶1-3)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 2:1-20

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.

  • Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.

  • Puo: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) w14 2/15 26-27—Sehlooho: Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba e-na le mabaka afe a ho lula “ba lebeletse” Mesia?

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 134

  • “Batsoali, Thusang Bana ba Lona Hore ba Atlehe”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea Ba Ile ba Sebelisa Monyetla o Mong le o Mong

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv. Khao. 9 ¶13-21 le lebokose le leqepheng la 104

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 17 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | April

BEKE EA LA 18-24 June, 2018

15 Etsisang Jehova ka ho Khothatsa Batho ba Bang

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela