Labone, la 21 June
Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong.—Bar. 5:12.
Sebe le lefu li ‘kene lefatšeng ka motho a le mong’ e leng Adama. Kahoo, “ka tšito ea motho a le mong lefu le ile la busa e le morena.” Pauluse o ile a phaella ka ho re, Molimo o ile a bonahatsa “bongata ba mosa o sa tšoanelang . . . , ka motho a le mong” e leng Jesu Kreste. (Bar. 5:12, 15, 17) Ka hona, mosa oo o sa tšoanelang oa Molimo o re tsoela molemo. Bibele e tsoela pele ho re: “Ka ho mamela ha motho a le mong [Jesu] ba bangata ba tla etsoa ba lokileng.” Ha e le hantle, ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo re ka fumana “bophelo bo sa feleng ka Jesu Kreste.” (Bar. 5:19, 21) Jehova o ne a sa tlameha ho fana ka Mora oa hae hore e be thekollo. Empa o ile a re bontša hore o mosa ka hore a re pholose sebeng le lefung. Ha ho le ea mong oa rona ea tšoaneloang ke seo Molimo le Jesu ba re etselitseng sona. E se eka re ka bontša Jehova hore re ananela seo a re etselitseng sona ka tsela eo re phelang ka eona. w16.12 1:1, 6, 7
La 18-24 June
Luka 2–3
Pina ea 133 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Bacha, na le Ntlafatsa Kamano ea Lona le Jehova?”: (10 mets.)
Lu 2:41, 42—Selemo le selemo, Jesu o ne a e-ea moketeng oa Paseka le batsoali ba hae (“batsoali ba hae ba ne ba tloaetse” litlhaloso tsa Lu 2:41, tse ho nwtsty-E)
Lu 2:46, 47—Jesu o ne a mamela mesuoe le ho e botsa lipotso (“a ba botsa lipotso,” “ba ne ba makatsoa ka nako eohle” litlhaloso tsa Lu 2:46, 47, tse ho nwtsty-E)
Lu 2:51, 52—Jesu o ile “a tsoela pele ho ipeha tlas’a” batsoali ba hae kahoo a amoheleha ho Molimo le ho batho (“a tsoela pele ho ipeha tlas’a bona” litlhaloso tsa Lu 2:51, tse ho nwtsty-E)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Lu 2:14—Temana ee e bolela’ng? (“’me khotso e be har’a batho bao a khahloang ke bona lefatšeng,” “batho bao a khahloang ke bona” litlhaloso tsa Lu 2:14, tse ho nwtsty-E)
Lu 3:23—Ntate oa Josefa e ne e le mang? (wp16.3 9 ¶1-3)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 2:1-20
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.
Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.
Puo: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) w14 2/15 26-27—Sehlooho: Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba e-na le mabaka afe a ho lula “ba lebeletse” Mesia?
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Batsoali, Thusang Bana ba Lona Hore ba Atlehe”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea Ba Ile ba Sebelisa Monyetla o Mong le o Mong
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv. Khao. 9 ¶13-21 le lebokose le leqepheng la 104
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 17 le Thapelo