Labohlano, la 29 June
Bohlale ba ea masene ke ho utloisisa tsela ea hae.—Liprov. 14:8.
Le rona re na le liqeto tseo re lokelang ho li etsa. Ha se liqeto tsohle tseo e leng tsa bohlokoa hoo li ka amang bophelo. Leha ho le joalo, boholo ba tsona li ka ama bophelo ba rona. Kahoo, haeba re khona ho etsa liqeto ka bohlale, re tla phela ka khotso ho e-na le ho phela bophelo bo tletseng pherekano le masoabi. Ke’ng e ka re thusang ho etsa liqeto ka bohlale? Re lokela ho tšepa Molimo. Re se ke ra belaella boikemisetso le bokhoni ba hae ba ho re thusa hore re etse liqeto ka bohlale. Re boetse re lokela ho tšepa Lentsoe la Jehova le tsela eo a etsang lintho ka eona. (Jak. 1:5-8) Ha re le metsoalle ea hae re bile re rata Lentsoe la hae, re tla tšepa tsela eo a shebang lintho ka eona. Ho ekelletsa moo, re tla tloaela ho batla keletso Lentsoeng la Molimo pele re etsa liqeto. w17.03 2:2, 3
La 25 June–la 1 July
| Luka 4–5
Pina ea 37 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Hanela Liteko Joaloka Jesu”: (10 mets.)
Lu 4:1-4—Jesu o ile a hanela litakatso tsa nama (w13 8/15 25 ¶8)
Lu 4:5-8—Jesu ha a ka a hokoa-hokoa ke ho rata lintho tse bonahalang (w13 8/15 25 ¶10)
Lu 4:9-12—Jesu ha a ka a etsa lintho hore feela a bonoe ke batho [Bapala video ea Tora ea Tempele] (“Tora ea Tempele” litšoantšo tsa Lu 4:9, tse ho nwtsty-E; w13 8/15 26 ¶12)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Lu 4:17—Ke’ng e bontšang hore Jesu o ne a e-na le tsebo e batsi ea Lentsoe la Molimo? (“moqolo oa moprofeta Esaia” litlhaloso tsa Lu 4:17, tse ho nwtsty-E)
Lu 4:25—Komello e ile ea nka nako e kae mehleng ea Elia? (“ka lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng” litlhaloso tsa Lu 4:25, tse ho nwtsty-E)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Luka 4:31-44
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Mo siele karete ea boitsebiso ea JW.ORG.
Leeto la Boraro la ho Boela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Khetha lengolo leo u tla le sebelisa e be u buella sengoliloeng se ithutoang.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) jl thuto ea 28
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“E-ba Bohlale ha u Etsa Metsoalle Inthaneteng”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea E-ba Bohlale ha u Etsa Metsoalle Inthaneteng
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv. Khao. 9 ¶22-26 le lebokose le leqepheng la 109, le Sehlomathiso se leqepheng la 218-219
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 105 le Thapelo