Laboraro, la 27 June
Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.—Lik. 24:15.
Jehova ha a batle hore batho ba shoe, o rata ha ba phela. Kaha ke Mohloli oa bophelo, e tla ba ntate oa bohle ba tla tsosoa. (Pes. 36:9) Ke hantle hakaakang hore Jesu o ile a re ruta ho rapela “Ntat’a rōna ea maholimong.” (Mat. 6:9) Jehova o file Jesu boikarabelo ba bohlokoa ba ho tsosa bafu. (Joh. 6:40, 44) Paradeiseng, Jesu o tla phethahatsa boikarabelo ba hae ba hore e be “tsoho le bophelo.” (Joh. 11:25) Jehova o batla hore motho e mong le e mong e be karolo ea lelapa la hae. Jesu o re: “Mang kapa mang ea etsang thato ea Molimo, enoa ke mor’eso le morali’eso le ’Mè.” (Mar. 3:35) Molimo o batla hore “bongata bo boholo” bo tsoang lichabeng tsohle le melokong eohle le malemeng ’ohle e be barapeli ba hae. Bohle ba bontšang tumelo sehlabelong sa Kreste ’me ba etsa thato ea Molimo ba tla ba har’a ba hoeletsang ba re: “Poloko ea rōna e tsoa ho Molimo oa rōna, ea lutseng teroneng, le Konyana.”—Tšen. 7:9, 10. w17.02 2:10, 11
La 25 June–la 1 July
| Luka 4–5
Pina ea 37 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Hanela Liteko Joaloka Jesu”: (10 mets.)
Lu 4:1-4—Jesu o ile a hanela litakatso tsa nama (w13 8/15 25 ¶8)
Lu 4:5-8—Jesu ha a ka a hokoa-hokoa ke ho rata lintho tse bonahalang (w13 8/15 25 ¶10)
Lu 4:9-12—Jesu ha a ka a etsa lintho hore feela a bonoe ke batho [Bapala video ea Tora ea Tempele] (“Tora ea Tempele” litšoantšo tsa Lu 4:9, tse ho nwtsty-E; w13 8/15 26 ¶12)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Lu 4:17—Ke’ng e bontšang hore Jesu o ne a e-na le tsebo e batsi ea Lentsoe la Molimo? (“moqolo oa moprofeta Esaia” litlhaloso tsa Lu 4:17, tse ho nwtsty-E)
Lu 4:25—Komello e ile ea nka nako e kae mehleng ea Elia? (“ka lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng” litlhaloso tsa Lu 4:25, tse ho nwtsty-E)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Luka 4:31-44
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Mo siele karete ea boitsebiso ea JW.ORG.
Leeto la Boraro la ho Boela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Khetha lengolo leo u tla le sebelisa e be u buella sengoliloeng se ithutoang.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) jl thuto ea 28
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“E-ba Bohlale ha u Etsa Metsoalle Inthaneteng”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea E-ba Bohlale ha u Etsa Metsoalle Inthaneteng
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv. Khao. 9 ¶22-26 le lebokose le leqepheng la 109, le Sehlomathiso se leqepheng la 218-219
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 105 le Thapelo