Moqebelo, la 30 June
Mahlo a rōna a talimile ho uena.—2 Likron. 20:12.
Josafate o ile a etsisa ntata’e Asa, ka hore a itšetlehe ka Jehova le nakong eo lira li mo hlaselang. (2 Likron. 20:2-4) Josafate o ne a tšohile. Leha ho le joalo, o ile a ‘batla Jehova.’ Ka boikokobetso thapelong ea hae o ile a lumela hore ha ba na “matla ka pel’a bongata bona bo boholo,” ’me eena le batho ba hae ba ne ba sa tsebe seo ba ka se etsang. O ile a tšepa Jehova ka ho feletseng, ’me a bua mantsoe a hlahang temaneng ea kajeno. Ka linako tse ling le rona joaloka Josafate re ka ’na ra tšoha, ’me ebe ha re tsebe seo re lokelang ho se etsa. (2 Bakor. 4:8, 9) Empa hopola hore Josafate o ile a bontša phatlalatsa thapelong ea hae kamoo eena le batho ba hae ba ikutloang ba fokola kateng. (2 Likron. 20:5) Ba nang le boikarabelo ba ho hlokomela malapa a bona tumelong, ba ka etsisa Josafate ka ho kopa tataiso le matla ho Jehova ha ba hloka thuso bothateng bofe kapa bofe boo ba ka kopanang le bona. U se ke oa soabela hore lelapa la hao le utloe ha u kopa sena. Lelapa la hao le tla hlokomela hore u tšepa Jehova. Molimo o tla u thusa joalokaha a ile a thusa Josafate. w17.03 3:12, 13
La 25 June–la 1 July
| Luka 4–5
Pina ea 37 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Hanela Liteko Joaloka Jesu”: (10 mets.)
Lu 4:1-4—Jesu o ile a hanela litakatso tsa nama (w13 8/15 25 ¶8)
Lu 4:5-8—Jesu ha a ka a hokoa-hokoa ke ho rata lintho tse bonahalang (w13 8/15 25 ¶10)
Lu 4:9-12—Jesu ha a ka a etsa lintho hore feela a bonoe ke batho [Bapala video ea Tora ea Tempele] (“Tora ea Tempele” litšoantšo tsa Lu 4:9, tse ho nwtsty-E; w13 8/15 26 ¶12)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Lu 4:17—Ke’ng e bontšang hore Jesu o ne a e-na le tsebo e batsi ea Lentsoe la Molimo? (“moqolo oa moprofeta Esaia” litlhaloso tsa Lu 4:17, tse ho nwtsty-E)
Lu 4:25—Komello e ile ea nka nako e kae mehleng ea Elia? (“ka lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng” litlhaloso tsa Lu 4:25, tse ho nwtsty-E)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Luka 4:31-44
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Mo siele karete ea boitsebiso ea JW.ORG.
Leeto la Boraro la ho Boela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Khetha lengolo leo u tla le sebelisa e be u buella sengoliloeng se ithutoang.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) jl thuto ea 28
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“E-ba Bohlale ha u Etsa Metsoalle Inthaneteng”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea E-ba Bohlale ha u Etsa Metsoalle Inthaneteng
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv. Khao. 9 ¶22-26 le lebokose le leqepheng la 109, le Sehlomathiso se leqepheng la 218-219
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 105 le Thapelo