Labobeli, la 5 June
Matla a ho lakatsa a teng ho ’na, empa matla a ho hlahisa se setle ha a eo.—Bar. 7:18.
Pele re kolobetsoa, boholo ba rona re ile ra tlameha ho etsa liphetoho tse kholo bophelong e le hore re phele ka tsela eo Bibele e reng re lokela ho phela ka eona. Empa esita le hona joale, rea hlokomela hore ho ntse ho e-na le liphetoho tse nyenyane tseo re lokelang ho li etsa e le hore re tšoane haholoanyane le Molimo le Kreste. (Baef. 5:1, 2; 1 Pet. 2:21) Mohlala, re ka ’na hlokomela hore re tletleba haholo, kapa re atisa ho seba ba bang le ho bua hampe ka bona. Kapa ka linako tse ling re ka ’na ra tšaba hore na ba bang ba nahana’ng ka rona kapa ba tla re’ng, ebe re sitoa ho etsa se nepahetseng. Mohlomong e se e le nako re ntse re leka ho fetoha, empa re ntse re etsa liphoso tse tšoanang. Hopola hore re ntse re sa phethahala. (Bakol. 3:9, 10) Re lula re etsa liphoso le hoja re se re e-na le lilemo re kolobelitsoe. Ka linako tse ling, re ka ’na ra ba le litakatso tse fosahetseng, kapa ra thatafalloa ho laola bofokoli bo itseng boo re nang le bona. Ha e le hantle, re ka ’na ra loantšana le bona ka lilemo-lemo.—Jak. 3:2. w16.05 4:3-5
La 4-10 June
Mareka 15-16
Pina ea 95 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Jesu o Ile a Phethahatsa Boprofeta”: (10 mets.)
Mar 15:3-5—O ile a thola ha a qosoa
Mar 15:24, 29, 30—Ba ile ba lahla lotho bakeng sa liphahlo tsa hae hape ba mo soma (“ba aba liaparo tsa hae tsa ka ntle” litlhaloso tsa Mar. 15:24,tse ho nwtsty-E; “ba sisinya lihlooho” litlhaloso tsa Mar. 15:29 tse ho nwtsty-E)
Mar 15:43, 46—O ile a patoa le barui (“Josefa” litlhaloso tsa Mar 15:43,tse ho nwtsty-E)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mar 15:25—Ke mabaka afe a etsang hore ho be le linako tse sa tšoaneng mabapi le hore na Jesu o khokhothetsoe thupeng neng? (“hora ea boraro” litlhaloso tsa Mar 15:25, tse ho nwtsty-E)
Mar 16:8—Ke hobane’ng ha Phetolelo ea Lefatše le Lecha e sa kenyelletsa sephetho se se lelele kapa se sekhutšoaane kosepeleng ea Mareka? (“kaha ba ne ba tšaba.” litlhaloso tsa Mar 16:8, nwtsty-E)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar 15:1-15
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets.) Bapala le ho bua ka video.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka ho tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) jl thuto ea 2
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Latela Mehato ea Kreste Haufi-ufi”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea Lebitso la Jehova ke la Bohlokoa Haholo (tlas’a LIPUISANO LE LIPHIHLELO).
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv.Khao. 8 ¶19-26 le lebokose le leqhepheng la 94 le la 96
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 140 le Thapelo