Mantaha, la 4 June
Motho ea ineheletseng bohale o tsosa ho hloka kutloano, ’me mang kapa mang ea ratang ho halefa o na le litlōlo tse ngata.—Liprov. 29:22.
Batho ba bangata ba nka hore ba na le bolokolohi ba ho ikhethela se nepahetseng le se fosahetseng. Baa ikakasa, baa ikhohomosa, ’me ba na le moea oa tlholisano, hape ha ba tsotelle hore na liqeto tsa bona li utloisa ba bang bohloko kapa che. Batho ba nang le boikutlo bona ba lula ba halefile ’me ba qabana le ba bang. (Gen. 3:1-5) Jesu Thutong ea hae ea Thabeng, o ile a ruta balateli ba hae ho bopa khotso le ho qoba liqabang, esita leha ho bonahala eka seo se ka ba ntša kotsi. Mohlala, o ile a ba ruta ho ba mosa, ho bopa khotso le ba bang, ho se halefe, ho rarolla liqabang ka potlako le ho rata lira tsa bona.—Mat. 5:5, 9, 22, 25, 44. w16.05 1:4, 5
La 4-10 June
Mareka 15-16
Pina ea 95 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Jesu o Ile a Phethahatsa Boprofeta”: (10 mets.)
Mar 15:3-5—O ile a thola ha a qosoa
Mar 15:24, 29, 30—Ba ile ba lahla lotho bakeng sa liphahlo tsa hae hape ba mo soma (“ba aba liaparo tsa hae tsa ka ntle” litlhaloso tsa Mar. 15:24,tse ho nwtsty-E; “ba sisinya lihlooho” litlhaloso tsa Mar. 15:29 tse ho nwtsty-E)
Mar 15:43, 46—O ile a patoa le barui (“Josefa” litlhaloso tsa Mar 15:43,tse ho nwtsty-E)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mar 15:25—Ke mabaka afe a etsang hore ho be le linako tse sa tšoaneng mabapi le hore na Jesu o khokhothetsoe thupeng neng? (“hora ea boraro” litlhaloso tsa Mar 15:25, tse ho nwtsty-E)
Mar 16:8—Ke hobane’ng ha Phetolelo ea Lefatše le Lecha e sa kenyelletsa sephetho se se lelele kapa se sekhutšoaane kosepeleng ea Mareka? (“kaha ba ne ba tšaba.” litlhaloso tsa Mar 16:8, nwtsty-E)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar 15:1-15
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets.) Bapala le ho bua ka video.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka ho tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) jl thuto ea 2
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Latela Mehato ea Kreste Haufi-ufi”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea Lebitso la Jehova ke la Bohlokoa Haholo (tlas’a LIPUISANO LE LIPHIHLELO).
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv.Khao. 8 ¶19-26 le lebokose le leqhepheng la 94 le la 96
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 140 le Thapelo