Labohlano, la 8 June
Ke fumane Davida mora oa Jese, monna ea ratoang ke pelo ea ka.—Lik. 13:22.
Davida o ne a e-na le tumelo e matla, ’me Jehova o ne a mo rata. (1 Sam. 13:13, 14) Empa le eena o ile a etsa libe tse tebileng. Davida o ile a kopanela liphate le Bathe-sheba, mosali oa Uria, ha Uria a ile ntoeng, ’me mosali eo a ima. Davida o ne a sa batle ha batho ba ka tseba ka taba eo. Kahoo, a bitsa Uria ntoeng, ’me a mo khothalletsa hore a ee hae. Davida o ne a nahana hore Uria o tla kopanela liphate le Bathe-sheba, e le hore batho ba tle ba nke hore ngoana eo ke oa Uria. Empa Uria o ile a hana ho ea ha hae. Eaba Davida o loha leano la hore Uria a bolaoe ntoeng. Davida le ba lelapa la hae ba ile ba khola litholoana tse bosula ka lebaka la libe tseo tse tebileng. (2 Sam. 12:9-12) Empa Jehova o ile a mo tšoarela. O ne a tseba hore Davida o batla ho etsa se nepahetseng. (1 Mar. 9:4) Haeba u ne u phela mehleng eo, u ne u tla ikutloa joang ka seo Davida a se entseng? Na u ka be u ile oa khaotsa ho sebeletsa Jehova? w16.06 4:7
La 4-10 June
Mareka 15-16
Pina ea 95 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Jesu o Ile a Phethahatsa Boprofeta”: (10 mets.)
Mar 15:3-5—O ile a thola ha a qosoa
Mar 15:24, 29, 30—Ba ile ba lahla lotho bakeng sa liphahlo tsa hae hape ba mo soma (“ba aba liaparo tsa hae tsa ka ntle” litlhaloso tsa Mar. 15:24,tse ho nwtsty-E; “ba sisinya lihlooho” litlhaloso tsa Mar. 15:29 tse ho nwtsty-E)
Mar 15:43, 46—O ile a patoa le barui (“Josefa” litlhaloso tsa Mar 15:43,tse ho nwtsty-E)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mar 15:25—Ke mabaka afe a etsang hore ho be le linako tse sa tšoaneng mabapi le hore na Jesu o khokhothetsoe thupeng neng? (“hora ea boraro” litlhaloso tsa Mar 15:25, tse ho nwtsty-E)
Mar 16:8—Ke hobane’ng ha Phetolelo ea Lefatše le Lecha e sa kenyelletsa sephetho se se lelele kapa se sekhutšoaane kosepeleng ea Mareka? (“kaha ba ne ba tšaba.” litlhaloso tsa Mar 16:8, nwtsty-E)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar 15:1-15
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets.) Bapala le ho bua ka video.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka ho tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) jl thuto ea 2
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Latela Mehato ea Kreste Haufi-ufi”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea Lebitso la Jehova ke la Bohlokoa Haholo (tlas’a LIPUISANO LE LIPHIHLELO).
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv.Khao. 8 ¶19-26 le lebokose le leqhepheng la 94 le la 96
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 140 le Thapelo