Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
June
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Labone, la 7 June

Mang kapa mang ea tla ikokobetsa joaloka ngoana enoa e monyenyane ke eena e moholo ’musong oa maholimo.—Mat. 18:4.

Bana ba bangata ba banyenyane ba ikokobelitse ba bile ba rata ho ithuta. (Mat. 18:1-3) Kahoo, ke hantle hore batsoali ba rute bana ba bona ba sa le banyenyane ho rata Lentsoe la Molimo. (2 Tim. 3:14, 15) E le hore batsoali ba atlehe, ba lokela ho rata Lentsoe la Molimo ka bobona le ho tataisoa ke lona bophelong. Ha batsoali ba etsa sena, ho ba bonolo hore bana le bona ba le rate. Hape, bana ba tla utloisisa hore ha ba khalemeloa, seo se bontša hore batsoali ba bona le Jehova baa ba rata. Ha re lula re ikokobelitse re bile re mamela Jehova, o re nka re le ba bohlokoa joaloka Daniele. (Dan. 10:11, 19) Jehova o tla tsoela pele ho re bopa a sebelisa Lentsoe la hae, moea o halalelang le mokhatlo oa hae. w16.06 2:14, 17

La 4-10 June
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | June

La 4-10 June

Mareka 15-16

  • Pina ea 95 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Jesu o Ile a Phethahatsa Boprofeta”: (10 mets.)

    • Mar 15:3-5—O ile a thola ha a qosoa

    • Mar 15:24, 29, 30—Ba ile ba lahla lotho bakeng sa liphahlo tsa hae hape ba mo soma (“ba aba liaparo tsa hae tsa ka ntle” litlhaloso tsa Mar. 15:24,tse ho nwtsty-E; “ba sisinya lihlooho” litlhaloso tsa Mar. 15:29 tse ho nwtsty-E)

    • Mar 15:43, 46—O ile a patoa le barui (“Josefa” litlhaloso tsa Mar 15:43,tse ho nwtsty-E)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mar 15:25—Ke mabaka afe a etsang hore ho be le linako tse sa tšoaneng mabapi le hore na Jesu o khokhothetsoe thupeng neng? (“hora ea boraro” litlhaloso tsa Mar 15:25, tse ho nwtsty-E)

    • Mar 16:8—Ke hobane’ng ha Phetolelo ea Lefatše le Lecha e sa kenyelletsa sephetho se se lelele kapa se sekhutšoaane kosepeleng ea Mareka? (“kaha ba ne ba tšaba.” litlhaloso tsa Mar 16:8, nwtsty-E)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar 15:1-15

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets.) Bapala le ho bua ka video.

  • Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka ho tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) jl thuto ea 2

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 63

  • “Latela Mehato ea Kreste Haufi-ufi”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea Lebitso la Jehova ke la Bohlokoa Haholo (tlas’a LIPUISANO LE LIPHIHLELO).

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv.Khao. 8 ¶19-26 le lebokose le leqhepheng la 94 le la 96

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 140 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | April

BEKE EA LA 4-10 June, 2018

3 U ka ba le Tokoloho ea ’Nete Joang?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela