Labohlano, la 1 June
Ke tla mo nyehela e le nyehelo ea secheso.—Baahl. 11:31.
Kaha Jafeta o ne a se na bana ba bang, o ne a sa tl’o ba le mojalefa. (Baahl. 11:34) Leha ho le joalo, Jafeta o ile a re: “Ke ahlamisitse molomo oa ka ho Jehova, ’me ha ke khone ho koeneha.” (Baahl. 11:35) Jehova o ile a amohela nyehelo eo ea Jafeta, ’me a mo hlohonolofatsa. Na u ka be u ile oa tšepahala joaloka Jafeta? Ha re inehela ho Jehova, re ile ra mo tšepisa hore re tla etsa thato ea hae ka linako tsohle. Re ne re tseba hore ha se kamehla ho tla ba bonolo ho phethahatsa tšepiso eo. Empa re itšoara joang ha re koptjoa hore re etse ntho eo re sa e rateng? Haeba re ikemiselitse re bile re ithaopela ho mamela Molimo, re bontša hore re tšepahalla tšepiso eo re e entseng. Mahlabelo a rona a ka ’na a re utloisa bohloko, empa kamehla litlhohonolofatso tsa Jehova li ba ngata.—Mal. 3:10. w16.04 1:11, 14, 15
La 28 May–la 3 June
Mareka 13–14
Pina ea 55 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Qoba Leraba la ho Tšaba Batho”: (10 mets.)
Mar 14:29, 31—Baapostola ba ne ba sa ikemisetsa ho latola Jesu
Mar 14:50—Ha Jesu a tšoaroa, baapostola bohle ba ile ba mo lahla kherehloa eaba ba tšola tlhako morong
Mar 14:47, 54, 66-72—Petrose o ne a le sebete sa ho sireletsa Jesu a ba a mo latela a le hojana empa hamorao o ile a latola Jesu ka makhetlo a mararo (ia 200 ¶14; it-2 619 ¶6)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mar 14:51, 52—Mohlankana ea ileng “a baleha a hlobotse” ke mang? (w08 2/15 30 ¶6)
Mar 14:60-62—Ke hobane’ng ha Jesu a ile a khetha ho araba potso ea moprista ea phahameng? (jy 287 ¶4)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar 14:43-59
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Mo memele libokeng.
Leeto la Boraro la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Khetha lengolo leo u tla le sebelisa e be u buella sengoliloeng se ithutoang.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ho tlaase ho moo) bh 171-172 ¶17-18.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Jehova o Tla U Thusa Hore U be Sebete”: (15 mets.) Puisano. Bapala video.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Khao. 8 ¶11-18
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 81 le Thapelo