Mantaha, la 2 July
E tla ba mohlape o le mong, molisa a be mong.—Joh. 10:16.
Jesu o ile a ipapisa le molisa eaba o tšoantša balateli ba hae le mohlape oa linku. Nahana ka sena: Nka hore motho o na le linku tse hlano, tse peli li leralleng, tse ling tse peli li phuleng ’me e ’ngoe e itsamaela hlatheng, na u ne u ka re linku tseo ke mohlape? Che, hobane haeba e ne e le mohlape li ne li tla tsamaea ’moho ’me li latele molisa oa tsona. Ka tsela e tšoanang, ha rea lokela ho itšehla thajana ka ho se be teng libokeng. Ho e-na le hoo, re lokela ho bokana hammoho le barab’abo rona e le hore re ka ba “mohlape o le mong” o latelang ‘molisa a le mong.’ Liboka li re thusa ho ba lelapa le momahaneng. (Pes. 133:1) Balumeli-’moho le rona ba bang ba lahluoe ke ba malapa a habo bona. Empa Jesu o tšepisitse hore o tla ba fa lelapa le tla ba rata le ho ba hlokomela. (Mar. 10:29, 30) Haeba u ba teng kamehla libokeng, u ka phetha karolo ea ntate, ’mè, abuti, kapa ausi ho balumeli-’moho le uena. Ha re nahana ka sena re tla susumelletseha ho etsa sohle se matleng a rōna hore re be teng libokeng tsohle. w16.04 3:9, 10
La 2-8 July
Luka 6-7
Pina ea 109 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“E-ba Seatla se Bulehileng”: (10 mets.)
Lu 6:37—Haeba re tšoarela batho le bona ba tl’a re tšoarela (“Tšoarela ba bang ’me le uena u tla tšoareloa” litlhaloso tsa Lu 6:37 tse ho nwtsty-E; w08 5/15 9 ¶13-14)
Lu 6:38—Re lokela ho itloaetsa ho fana (“Itloaetseng ho fana” litlhaloso tsa Lu 6:38 tse ho nwtsty-E)
Lu 6:38—Batho ba tla re lekanyetsa ka tekanyo eo re ba lekanyetsang ka eona (“likotleng” litlhaloso tsa Lu 6:38 tse ho nwtsty-E)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Lu 6:12, 13—Jesu o behetse Bakreste mohlala ofe tabeng ea ha ba lokela ho etsa liqeto tse kholo? (w07 8/1 6 ¶1)
Lu 7:35—Mantsoe a Jesu a ka re thusa joang haeba re etselletsoa? (“bana ba bona” litlhaloso tsa Lu 7:35 tse ho nwtsty-E)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 7:36-50
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets.) Bapala video ebe le buisana ka eona.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 185 ¶4-5
PHELA JOALOKA MOKRESTE
E-ba Seatla se Bulehileng Joaloka Jehova: (15 mets.) Bapala video. E be le buisana ka lipotso tse latelang:
Jehova le Jesu ba bontšitse joang hore ba seatla se bulehileng?
Jehova o re hlohonolofatsa joang ha re fana?
Ho bolela’ng ho tšoarela ka bolokolohi?
Ke ka litsela life re ka fanang ka nako ea rona?
Re ka etsa’ng hore re lule re babatsa batho ba bang?
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 10 ¶1-8
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 57 le Thapelo