Labohlano, la 20 July
Le batlele motse oo ke entseng hore le ee kholehong ho oona khotso.—Jer. 29:7.
Bajuda ba neng ba le botlamuoeng Babylona ba ileng ba ikokobelletsa thato ea Molimo, ba ile ba fuoa bolokolohi bo itseng. Bababylona ba ile ba ba lumella ho itsamaisetsa litaba tsa bona. Batlamuoa ba ne ba boetse ba e-na le bolokolohi ba ho ea hohle naheng eo. Babylona e ne e le setsi sa khoebo mehleng ea boholo-holo, ’me litokomane tse epolotsoeng li bontša hore Bajuda ba bangata ba ne ba reka ba bile ba rekisa, ha ba bang bona ba ne ba etsa mesebetsi ea matsoho. Bajuda ba bang ba ne ba bile ba ruile. Baiseraele ba neng ba le botlamuoeng Babylona ba ne ba fapane hole le ba neng ba le bokhobeng Egepeta. (Ex. 2:23-25) Na Baiseraele ba ne ba tla ke ba boele ba rapele Molimo ka tsela e amohelehang ka ho feletseng? Ka nako eo, ho ne ho sa bonahale eka seo se tla ke se etsahale. Bababylona ba ne ba sa lokolle batlamuoa ba bona. Jehova o ne a tšepisitse batho ba hae hore o tla ba lokolla, ’me ha fela ha e-ba joalo. Ha ho mohla litšepiso tsa Molimo li hlolehang ho phethahala.—Esa. 55:11. w16.11 4:3, 5
La 16-22 July
Luka 10-11
Pina ea 100 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Papiso ea Mosamaria ea Molemo”: (10 mets.)
Lu 10:29-32—Moprista o ile a feta pele ’me hamorao a lateloa ke Molevi, empa ha baa ka ba thusa Mojuda ea ileng a hlaseloa ke linokoane [Bapala “Tsela e Tsoang Jerusalema e Eang Jeriko” Litšoantšo tsa Lu 10:30 tse ho nwtsty-E.] (w02 9/1 16-17 ¶14-15)
Lu 10:33-35—Mosamaria o ile a thusa Mojuda eo ea lemetseng hobane o ne a mo rata haholo (“mosamaria ea itseng,” “a tlamisa maqeba a hae ,a a tsela ka oli le veine,” “ntlong ea baeti” litlhaloso tsa Lu 10:33, 34 tse ho nwtsty-E)
Lu 10:36, 37—Re lokela ho rata batho bohle, ho sa tsotelehe maemo, ’mala kapa morabe oa bona (w98 7/1 31 ¶2)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Lu 10:18—Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a re ho barutuoa ba hae ba 70: “Ke ile ka qala ho bona Satane a se a oele joaloka lehalima leholimong”? (“Ke ile ka qala ho bona Satane a se a oele joaloka lehalima leholimong” litlhaloso tsa Lu 10:18 tse ho nwtsty-E; w08 3/15 31 ¶11)
Lu 11:5-9—Papiso ea monna ea qophellang e re ruta’ng ka ho rapela? (“Motsoalle,nkalime mahobe a mararo,” “Khaotsa ho nkhathatsa,” “ho qophella ha hae ho sebete” litlhaloso tsa Lu 11:5-9 tse ho nwtsty-E)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 10:1-16
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Mong’a ntlo oa hanyetsa.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Motho eo u mo etetseng o u bolella hore o ntse a ja.
Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala video e be le buisana ka eona.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa ho se Nke Lehlakore? (Mik. 4:2)”: (15 mets.) Bapala video e be le buisana ka eona.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 10 ¶16-24
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 146 le Thapelo
BEKE EA LA 16-22 JULY, 2018
17 Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ‘Beha Litholoana Tse Ngata’?