Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
July
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Moqebelo, la 21 July

Re ile ra shoa mabapi le sebe.—Bar. 6:2.

Ke joang mantsoe aa a neng a bua le Bakreste le hoja ba ne ba ntse ba phela? Molimo o ile a sebelisa sehlabelo sa thekollo ho Pauluse le Bakreste ba bang ba mehleng ea hae. Kahoo, a ba tšoarela libe, a ba tlotsa ka moea o halalelang, ’me a ba amohela e le bara ba hae ba moea. Ka hona, ba e-ba le tšepo ea ho phela leholimong. Haeba ba ne ba ka lula ba tšepahala ba ne ba tla busa le Kreste leholimong. Pauluse o ne a ka re ‘ba shoele mabapi le sebe’ le hoja ba ntse ba le lefatšeng. O ile a etsa mohlala ka Jesu ea ileng a shoa e le motho ’me a tsosoa e le sebopuoa sa moea se sa shoeng. Seo se bolela hore Jesu o ne a ke ke a hlola a shoa. Ka tsela e tšoanang, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ne ba ‘shoele mabapi le sebe empa ba phela mabapi le Molimo ka Kreste Jesu.’ (Bar. 6:9, 11) Ba ne ba fetohile ka ho feletseng. Ba se ba sa laoloe ke litakatso tsa bona tsa boetsalibe. Ba shoele ka tsela ea tšoantšetso tseleng ea bona ea bophelo ea pele. w16.12 1:9, 10

La 16-22 July
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | July

La 16-22 July

Luka 10-11

  • Pina ea 100 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Papiso ea Mosamaria ea Molemo”: (10 mets.)

    • Lu 10:29-32—Moprista o ile a feta pele ’me hamorao a lateloa ke Molevi, empa ha baa ka ba thusa Mojuda ea ileng a hlaseloa ke linokoane [Bapala “Tsela e Tsoang Jerusalema e Eang Jeriko” Litšoantšo tsa Lu 10:30 tse ho nwtsty-E.] (w02 9/1 16-17 ¶14-15)

    • Lu 10:33-35—Mosamaria o ile a thusa Mojuda eo ea lemetseng hobane o ne a mo rata haholo (“mosamaria ea itseng,” “a tlamisa maqeba a hae ,a a tsela ka oli le veine,” “ntlong ea baeti” litlhaloso tsa Lu 10:33, 34 tse ho nwtsty-E)

    • Lu 10:36, 37—Re lokela ho rata batho bohle, ho sa tsotelehe maemo, ’mala kapa morabe oa bona (w98 7/1 31 ¶2)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Lu 10:18—Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a re ho barutuoa ba hae ba 70: “Ke ile ka qala ho bona Satane a se a oele joaloka lehalima leholimong”? (“Ke ile ka qala ho bona Satane a se a oele joaloka lehalima leholimong” litlhaloso tsa Lu 10:18 tse ho nwtsty-E; w08 3/15 31 ¶11)

    • Lu 11:5-9—Papiso ea monna ea qophellang e re ruta’ng ka ho rapela? (“Motsoalle,nkalime mahobe a mararo,” “Khaotsa ho nkhathatsa,” “ho qophella ha hae ho sebete” litlhaloso tsa Lu 11:5-9 tse ho nwtsty-E)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 10:1-16

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Mong’a ntlo oa hanyetsa.

  • Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Motho eo u mo etetseng o u bolella hore o ntse a ja.

  • Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala video e be le buisana ka eona.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 24

  • “Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa ho se Nke Lehlakore? (Mik. 4:2)”: (15 mets.) Bapala video e be le buisana ka eona.

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 10 ¶16-24

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 146 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | May

BEKE EA LA 16-22 JULY, 2018

17 Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ‘Beha Litholoana Tse Ngata’?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela