Sontaha, la 22 July
Ho beha kelello moeeng ho bolela bophelo le khotso.—Bar. 8:6.
Sena ha se bolele hore motho o nahana le ho bua feela ka Bibele, kamoo a ratang Molimo kateng le ka tšepo ea hae ka bokamoso. Re lokela ho hopola hore Pauluse le ba bang ba ileng ba khahlisa Molimo, ba ne ba ntse ba phela bophelo bo tloaelehileng. Ba ne ba ja, ba noa, ba nyala ’me ba hlokomela malapa a bona. (Mar. 6:3; 1 Bathes. 2:9) Leha ho le joalo, bahlanka bao ba Molimo, ha baa ka ba lumella lintho tseo hore ebe tsona tse tlang pele bophelong ba bona. Le hoja Pauluse a ne a etsa litente, ntho e tlang pele bophelong ba hae e ne e le ho bolela le ho ruta. (Lik. 18:2-4; 20:20, 21, 34, 35) Ke eona mesebetsi eo a neng a e khothalletsa balumeli-’moho le eena ba Roma. Ho sebeletsa Molimo e ne e le eona ntho ea bohlokoa bophelong ba Pauluse. Bakreste ba Roma ba ne lokela ho mo etsisa, le rona re lokela ho etsa se tšoanang.—Bar. 15:15, 16. w16.12 2:5, 15, 16
La 16-22 July
Luka 10-11
Pina ea 100 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Papiso ea Mosamaria ea Molemo”: (10 mets.)
Lu 10:29-32—Moprista o ile a feta pele ’me hamorao a lateloa ke Molevi, empa ha baa ka ba thusa Mojuda ea ileng a hlaseloa ke linokoane [Bapala “Tsela e Tsoang Jerusalema e Eang Jeriko” Litšoantšo tsa Lu 10:30 tse ho nwtsty-E.] (w02 9/1 16-17 ¶14-15)
Lu 10:33-35—Mosamaria o ile a thusa Mojuda eo ea lemetseng hobane o ne a mo rata haholo (“mosamaria ea itseng,” “a tlamisa maqeba a hae ,a a tsela ka oli le veine,” “ntlong ea baeti” litlhaloso tsa Lu 10:33, 34 tse ho nwtsty-E)
Lu 10:36, 37—Re lokela ho rata batho bohle, ho sa tsotelehe maemo, ’mala kapa morabe oa bona (w98 7/1 31 ¶2)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Lu 10:18—Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a re ho barutuoa ba hae ba 70: “Ke ile ka qala ho bona Satane a se a oele joaloka lehalima leholimong”? (“Ke ile ka qala ho bona Satane a se a oele joaloka lehalima leholimong” litlhaloso tsa Lu 10:18 tse ho nwtsty-E; w08 3/15 31 ¶11)
Lu 11:5-9—Papiso ea monna ea qophellang e re ruta’ng ka ho rapela? (“Motsoalle,nkalime mahobe a mararo,” “Khaotsa ho nkhathatsa,” “ho qophella ha hae ho sebete” litlhaloso tsa Lu 11:5-9 tse ho nwtsty-E)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 10:1-16
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Mong’a ntlo oa hanyetsa.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Motho eo u mo etetseng o u bolella hore o ntse a ja.
Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala video e be le buisana ka eona.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa ho se Nke Lehlakore? (Mik. 4:2)”: (15 mets.) Bapala video e be le buisana ka eona.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 10 ¶16-24
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 146 le Thapelo
BEKE EA LA 16-22 JULY, 2018
17 Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ‘Beha Litholoana Tse Ngata’?