Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
July
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Mantaha, la 30 July

Haeba Jehova ke Molimo oa ’nete, mo lateleng; empa haeba Baale ke eena, mo lateleng.—1 Mar. 18:21.

U ka ’na oa nahana hore ho ne ho le bonolo ho etsa qeto eo, hobane oa tseba hore ho bohlokoa ho sebeletsa Jehova. Ha e le hantle, e ne e tla ba booatla ho sebeletsa Baale. Leha ho le joalo, Baiseraele bao ba ne ba ‘qeaqea . . . pakeng tsa maikutlo a mabeli a fapaneng.’ Ka bohlale, Elia o ile a ba khothalletsa hore ba rapele Jehova Molimo oa ’nete. Ke hobane’ng ha ho ne ho le thata hakaale hore Baiseraele ba etse qeto ka bohlale? Ntho ea pele, ba ile ba felloa ke tumelo ho Jehova ’me ba hana ho mamela Lentsoe la hae. Ba ne ba sa tšepe Jehova hobane ha baa ka ba ipha nako ea ho ithuta ka eena. Hoja ba ile ba etsa joalo, ba ka be ba ile ba etsa liqeto ka bohlale. (Pes. 25:12) Ho fesuew

ta moo, batho bao ba ile ba susumetsa Baiseraele hore ba etse lintho joaloka bona ’me ba rapele melimo ea bohata. Jehova o ne a ba lemositse khale hore ntho eo e tla etsahala.—Ex. 23:2. w17.03 2:6, 7

La 30 July–La 5 August
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | July

La 30 July–la 5 August

Luka 14–16

  • Pina ea 125 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Papiso ea Mora ea Lehlasoa”: (10 mets.)

    • Lu 15:11-16—Mora ea lehlasoa o ile a batla lefa la hae. Kaha o ile a itšoara hampe, o ile a le senya (“Motho ea itseng o ne a e-na le bara ba babeli,” “e monyenyane,” “a hafa,” “ho inehella litakatso tsa nama,” “ho alosa likolobe,” “makhapetla a karoba” litlhaloso tsa Lu 15:11-16 tse ho nwtsty-E)

    • Lu 15:17-24—O ile a baka, ’me kaha ntate oa hae o lerato, o ile a mo amohela hape (“ke sitetsoe uena,” “banna ba hiriloeng,” “a mo aka ka lerato,” “bitsoa mora oa hao,” “seaparo se selelele...lesale...meqathatso” litlhaloso tsa Lu 15:17-24 tse ho nwtsty-E)

    • Lu 15:25-32—Mora e moholo o ile a thusoa ho nahana ka tsela e nepahetseng

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Lu 14:26—Ho latela taba eo ho buoang ka eona moo, lentsoe ‘hloea’ le bolela’ng? (“hloea” litlhaloso tsa Lu 14:26 tse ho nwtsty-E)

    • Lu 16:10-13—Jesu o ne a batla hore barutuoa ba hae ba utloisise eng ka ‘maruo a sa lokang’? (w17.07 8-9 ¶7-8)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 14:1-14

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Memela motho eo u ntseng u bua le eena libokeng.

  • Leeto la Boraro la ho Boela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Khetha lengolo leo u tla le sebelisa, e be u buella sengoliloeng se ithutoang.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) lv 32 ¶14-15

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 107

  • “Mora ea Lehlasoa o Khutlela Hae”: (15 mets.) Puisano. Qala ka ho bapala karolo ea video ea Mora ea Lehlasoa o Khutlela Hae.

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 11 ¶10-19¶

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 139 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | May

BEKE EA LA 30 JULY, 2018–LA 5 AUGUST, 2018

27 Bacha, Itšireletseng Khahlanong le Diabolose

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela