Mantaha, la 6 August
Jehova, . . . u ’Mōpi oa rōna.—Esa. 64:8.
Feela joalokaha motho ea bopang lintho a tseba hore na o sebelisa letsopa la mofuta ofe, Jehova le eena oa re tseba. O tseba mefokolo ea rona, matla a rona le liphetoho tseo re li entseng ’me o bopa e mong le e mong oa rona a nahanetse maemo a hae. (Pes. 103:10-14) Re ka ithuta hore na Jehova o re talima joang ka ho sheba hore na Jesu o ile a etsa’ng ha a bona mefokolo ea baapostola ba hae. Ka linako tse ling, baapostola ba ne ba phehisana khang ka hore na e moholo ke mang. Haeba u ne u le teng moo, u ne u tla talima tsela eo baapostola ba itšoarang ka eona joang? U ne u ka ’na oa nka hore ha se letsopa le bonolo. Leha ho le joalo, Jesu o ne a tseba hore ba ka bopeha haeba ba mamela likeletso tsa hae tse mosa ’me ba etsisa boikokobetso ba hae. (Mar. 9:33-37; 10:37, 41-45; Luka 22:24-27) Ka mor’a hore Jesu a tsosoe, baapostola ba ile ba fuoa moea o halalelang oa Molimo ’me ba khaotsa ho tšoenyeha ka hore na e moholo ke mang. Ho e-na le hoo, ba phathahana ka mosebetsi oo Jesu a ba fileng oona.—Lik. 5:42. w16.06 1:10
La 6-12 August
Luka 17-18
Pina ea 18 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“E-ba ea Lebohang”: (10 mets.)
Lu 17:11-14—Jesu o ile a folisa balepera ba leshome (“balepera ba leshome” litlhaloso tsa Lu 17:12, tse ho nwtsty-E; “le iponahatse ho baprista.” litlhaloso tsa Lu 17:14, tse ho nwtsty-E)
Lu 17:15, 16—Ke a le mong feela ho balepera bao ea ileng a khutla ho tla leboha Jesu
Lu 17:17, 18—Tlaleho ena e bontša bohlokoa ba ho leboha (w08 8/1 14-15 ¶8-9)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Lu 17:7-10—’Moko taba oa papiso ee ea Jesu ke ofe? (“a se nang molemo” litlhaloso tsa Lu 17:10, tse ho nwtsty-E)
Lu 18:8—Ke tumelo ea mofuta ofe eo Jesu a neng a bua ka eona temaneng ee? (“tumelo ena” litlhaloso tsa Lu 18:8, tse ho nwtsty-E)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 18:24-43
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets.) Bapala video e be le buisana ka eona.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) fg thuto ea 4 ¶1-2
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Hopolang Mosali oa Lota”: (15 mets.) Puisano.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 11 ¶20-22 le lebokose le leq. la 131
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 117 le Thapelo