Labohlano, la 10 August
Le itebele e le hore le se ke la hulanngoa hammoho le bona ke phoso ea batho ba nyelisang molao ’me la oa ho tieeng ha lōna.—2 Pet. 3:17.
Le hoja re fumana litlhohonolofatso tse ngata ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oa Jehova, ha rea lokela ho nahana hore o lumella boitšoaro bo bong le bo bong. Har’a Bakreste ba pele, ho na le ba bang ba ileng ba leka ‘ho fetola mosa o sa tšoanelang oa Molimo oa rōna boikemelo bakeng sa boitšoaro bo hlephileng.’ (Juda 4) Mohlomong Bakreste bana ba sa tšepahaleng ba ne ba nahana hore ba ka etsa sebe ka boomo, ba tšepile hore Jehova o tla ba tšoarela. Ho hobe le ho feta, ba ne ba leka ho susumetsa barab’abo bona ba bang hore ba etse liketso tse mpe. Le mehleng ena, motho ea etsang sebe ka boomo ‘o halefisa moea oa mosa o sa tšoanelang.’ (Baheb. 10:29) Satane o entse hore Bakreste ba bang ba nahane hore ba ka sebelisa mohau oa Molimo hampe ka hore ba etse sebe ebe ha ba fuoe kotlo. Le hoja Jehova a ikemiselitse ho tšoarela baetsalibe ba bakang, o lebeletse hore re loantše tšekamelo ea rona ea boetsalibe. w16.07 3:16, 17
La 6-12 August
Luka 17-18
Pina ea 18 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“E-ba ea Lebohang”: (10 mets.)
Lu 17:11-14—Jesu o ile a folisa balepera ba leshome (“balepera ba leshome” litlhaloso tsa Lu 17:12, tse ho nwtsty-E; “le iponahatse ho baprista.” litlhaloso tsa Lu 17:14, tse ho nwtsty-E)
Lu 17:15, 16—Ke a le mong feela ho balepera bao ea ileng a khutla ho tla leboha Jesu
Lu 17:17, 18—Tlaleho ena e bontša bohlokoa ba ho leboha (w08 8/1 14-15 ¶8-9)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Lu 17:7-10—’Moko taba oa papiso ee ea Jesu ke ofe? (“a se nang molemo” litlhaloso tsa Lu 17:10, tse ho nwtsty-E)
Lu 18:8—Ke tumelo ea mofuta ofe eo Jesu a neng a bua ka eona temaneng ee? (“tumelo ena” litlhaloso tsa Lu 18:8, tse ho nwtsty-E)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 18:24-43
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets.) Bapala video e be le buisana ka eona.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) fg thuto ea 4 ¶1-2
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Hopolang Mosali oa Lota”: (15 mets.) Puisano.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 11 ¶20-22 le lebokose le leq. la 131
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 117 le Thapelo