Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
August
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Labohlano, la 3 August

U se ke ua potlaka moeeng oa hao hore u khopehe.—Moek. 7:9.

Morali’abo rona o lumelisa barab’abo rona ba babeli. Empa mor’abo rona e mong o utloisoa bohloko ke tsela eo a mo lumelisitseng ka eona. Ha morali’abo rona a se a tsamaile, mor’abo rona ea utloileng bohloko o qala ho tletleba ka eena. Empa mor’abo rona e mong oa mo hopotsa hore morali eo oabo rona o sebelelitse Jehova ka botšepehi ka lilemo tse 40 ho sa tsotellehe mathata a ’nileng a mo hlahela. O ne a kholisehile hore morali eo oabo rona o ne a sa ikemisetsa ho mo khopisa. Mor’abo rona ea utloileng bohloko o ile a itšoara joang? O ile a re: “U bua ’nete.” Eaba o khetha ho lebala se etsahetseng. Taba ee e re ruta’ng? Ha motho e mong a re utloisa bohloko, re ka khetha hore na re itšoara joang. Motho ea lerato oa tšoarela. (Liprov. 10:12; 1 Pet. 4:8) Ha re “hlokomoloha tlōlo,” seo se thabisa Jehova. (Liprov. 19:11) Kahoo, nako e tlang ha motho e mong a bua kapa a etsa ntho e u utloisang bohloko, ipotse: ‘Na nka hlokomoloha tlolo ee? Na ehlile ke hloka ho lula ke nahana ka eona?’ w16.05 1:8, 9

La 30 July–La 5 August
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | July

La 30 July–la 5 August

Luka 14–16

  • Pina ea 125 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Papiso ea Mora ea Lehlasoa”: (10 mets.)

    • Lu 15:11-16—Mora ea lehlasoa o ile a batla lefa la hae. Kaha o ile a itšoara hampe, o ile a le senya (“Motho ea itseng o ne a e-na le bara ba babeli,” “e monyenyane,” “a hafa,” “ho inehella litakatso tsa nama,” “ho alosa likolobe,” “makhapetla a karoba” litlhaloso tsa Lu 15:11-16 tse ho nwtsty-E)

    • Lu 15:17-24—O ile a baka, ’me kaha ntate oa hae o lerato, o ile a mo amohela hape (“ke sitetsoe uena,” “banna ba hiriloeng,” “a mo aka ka lerato,” “bitsoa mora oa hao,” “seaparo se selelele...lesale...meqathatso” litlhaloso tsa Lu 15:17-24 tse ho nwtsty-E)

    • Lu 15:25-32—Mora e moholo o ile a thusoa ho nahana ka tsela e nepahetseng

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Lu 14:26—Ho latela taba eo ho buoang ka eona moo, lentsoe ‘hloea’ le bolela’ng? (“hloea” litlhaloso tsa Lu 14:26 tse ho nwtsty-E)

    • Lu 16:10-13—Jesu o ne a batla hore barutuoa ba hae ba utloisise eng ka ‘maruo a sa lokang’? (w17.07 8-9 ¶7-8)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 14:1-14

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Memela motho eo u ntseng u bua le eena libokeng.

  • Leeto la Boraro la ho Boela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Khetha lengolo leo u tla le sebelisa, e be u buella sengoliloeng se ithutoang.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) lv 32 ¶14-15

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 107

  • “Mora ea Lehlasoa o Khutlela Hae”: (15 mets.) Puisano. Qala ka ho bapala karolo ea video ea Mora ea Lehlasoa o Khutlela Hae.

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 11 ¶10-19¶

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 139 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | May

BEKE EA LA 30 JULY, 2018–LA 5 AUGUST, 2018

27 Bacha, Itšireletseng Khahlanong le Diabolose

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela