Labobeli, la 14 August
Le ipakele e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.—Bar. 12:2.
Molao oo Molimo a neng a o file Baiseraele o ne o bontša ka ho hlaka hore na Jehova o ikutloa joang ka liaparo tse sa bontšeng hore na motho ke monna kapa ke mosali. (Deut. 22:5) Kahoo, re bona ka ho hlaka hore Molimo ha a thabele liaparo tsa banna tse kang ke tsa basali le tse etsang hore basali ba shebahale eka ke banna, kapa tse etsang hore ho be thata ho bona hore na motho ke monna kapa ke mosali. Ka Lentsoeng la Molimo ho na le melao-motheo e ka thusang Mokreste ho etsa qeto e nepahetseng mabapi le moaparo. E ka mo thusa ho sa tsotellehe hore na o phela hokae, tloaelo ea moo ke efe kapa hore na boemo ba leholimo bo joang. Ha re hloke letoto la melao e bontšang hore na ke liaparo life tse loketseng le hore na ke life tse sa lokelang. Ho e-na le hoo, re tataisoa ke melao-motheo ea Mangolo e re fang bolokolohi ba ho ikhethela.w16.09 3:3, 4
La 13-19 August
Luka 19–20
Pina ea 84 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Ithute Papisong ea Limina Tse Leshome”: (10 mets.)
Lu 19:12, 13—“Monna ea itseng oa tsoalo ea borena” o ile a bolella makhoba a hae hore a hoebe ho fihlela a khutla (jy-E 232 ¶2-4)
Lu 19:16-19—Makhoba a tšepahalang a ne a e-na le bokhoni bo sa tšoaneng empa e mong le e mong o ile a etsa phaello (jy-E 232 ¶7)
Lu 19:20-24—Lekhoba le khopo le ile la hana ho sebetsa eaba ha le etse phaello (jy-E 233 ¶1)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Lu 19:43—Mantsoe a Jesu a ile a phethahala joang? (“thibello e nang le lithupa tse nchocho” litlhaloso tsa Lu 19:43 tse ho nwtsty-E)
Lu 20:38—Seo Jesu a se buileng se re kholisa joang hore ehlile tsoho ea bafu e tla etsahala? (“kaha kaofela baa phela ho eena” litlhaloso tsa Lu 20:38 tse ho nwtsty-E)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 19:11-27
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.
Video ea Leeto la Pele la ho Boela: (5 mets.) Bapala video e be le buisana ka eona.
Puo: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) w14 8/15 29-30—Sehlooho: Na Mantsoe a Jesu a Tlalehiloeng ho Luka 20:34-36 a Bontša Hore o ne a Bua ka Tsoho ea Lefatšeng?
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Boboleling ka ho Lebisa Batho Websaeteng ea Rona ea JW.ORG/ST”: (15 mets.) Puisano. Bapala video.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Sehlomathiso se leq. la 219-221
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 116 le Thapelo
BEKE EA LA 13-19 AUGUST, 2018
8 Re Lokela ho Momahana Joalokaha Jehova le Jesu ba Momahane