Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
August
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Labobeli, la 7 August

Jehova Molimo oa rōna ke Jehova a le mong.—Deut. 6:4.

Jehova ke eena feela Molimo oa ’nete ’me ha ho molimo e mong ea tšoanang le eena. (2 Sam. 7:22) Ka hona, mantsoe a Moshe a ne a hopotsa Baiseraele hore ba lokela ho rapela Jehova feela. Ba ne ba sa lokela ho etsisa batho ba lichaba tse ba potolohileng, ba rapelang melimo e mengata ea bohata le melimotsana. Batho bao ba ne ba lumela hore melimo ea bona e ka khona ho laola lintho tsa tlhaho. Mohlala, Baegepeta ba ne ba rapela molimo oa letsatsi ea bitsoang Ra, molimotsana oa leholimo ea bitsoang Nut, molimo oa lefatše ea bitsoang Geb, molimo oa Nile ea bitsoang Hapi, hammoho le liphoofolo tse ngata. Jehova o ile a bontša hore o phahametse melimo eo ea bohata ha a ne a tlisa Likotlo Tse Leshome. Molimo ea ka sehloohong oa Bakanana e ne e le Baale, e leng molimo oa bohata eo Bakanana ba neng ba lumela hore ke eena ea fanang ka bophelo. Ba ne ba boetse ba lumela hore ke eena molimo oa leholimo, pula le sefefo. Batho ba libakeng tse ngata ba ne ba tšepile Baale hore o tla ba sireletsa. (Num. 25:3) Baiseraele ba ne ba lokela ho hopola hore Molimo oa bona ke “Molimo oa ’nete,” ’me oa ikhetha. Ke “Jehova a le mong.”—Deut. 4:35, 39. w16.06 3:4, 5

La 6-12 August
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | August

La 6-12 August

Luka 17-18

  • Pina ea 18 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “E-ba ea Lebohang”: (10 mets.)

    • Lu 17:11-14—Jesu o ile a folisa balepera ba leshome (“balepera ba leshome” litlhaloso tsa Lu 17:12, tse ho nwtsty-E; “le iponahatse ho baprista.” litlhaloso tsa Lu 17:14, tse ho nwtsty-E)

    • Lu 17:15, 16—Ke a le mong feela ho balepera bao ea ileng a khutla ho tla leboha Jesu

    • Lu 17:17, 18—Tlaleho ena e bontša bohlokoa ba ho leboha (w08 8/1 14-15 ¶8-9)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Lu 17:7-10—’Moko taba oa papiso ee ea Jesu ke ofe? (“a se nang molemo” litlhaloso tsa Lu 17:10, tse ho nwtsty-E)

    • Lu 18:8—Ke tumelo ea mofuta ofe eo Jesu a neng a bua ka eona temaneng ee? (“tumelo ena” litlhaloso tsa Lu 18:8, tse ho nwtsty-E)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 18:24-43

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets.) Bapala video e be le buisana ka eona.

  • Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) fg thuto ea 4 ¶1-2

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 39

  • “Hopolang Mosali oa Lota”: (15 mets.) Puisano.

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 11 ¶20-22 le lebokose le leq. la 131

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 117 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | June

BEKE EA LA 6-12 AUGUST, 2018

3 “’Muso oa ka Hase Karolo ea Lefatše Lena”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela