Moqebelo, la 4 August
Molimo ke eena [ea] . . . sebetsang ho lōna e le hore le rate le be le sebetse.—Bafil. 2:13.
Ke bo-mang ba bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso mehleng ee? Ke Lipaki Tsa Jehova! Re tseba joang? Re tseba ka molaetsa o nepahetseng oo li o phatlalatsang, e leng litaba tse molemo tsa ’Muso. Li ea bathong, kahoo li sebelisa tsela e loketseng. Li bolela litaba tse molemo ka sepheo se nepahetseng kaha li rata Jehova le batho. Li bolela litaba tse molemo lefatšeng lohle kaha li pakela batho ba lichaba tsohle le ba lipuo tsohle. Kahoo, re tla tsoela pele ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ho fihlela bofelo bo fihla! Ruri hoa hlolla ho bona mosebetsi o babatsehang oa ho bolela litaba tse molemo oo bahlanka ba Jehova ba o etsang matsatsing ana a ho qetela. Empa ke’ng e re thusang ho etsa mosebetsi oo? Moapostola Pauluse o fana ka karabo temaneng ea letsatsi ea kajeno. E se eka Jehova a ka tsoela pele ho re matlafatsa e le hore re ikitlaelletse ho bolela litaba tsena tse molemo!—2 Tim. 4:5. w16.05 2:17, 18
La 30 July–la 5 August
Luka 14–16
Pina ea 125 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Papiso ea Mora ea Lehlasoa”: (10 mets.)
Lu 15:11-16—Mora ea lehlasoa o ile a batla lefa la hae. Kaha o ile a itšoara hampe, o ile a le senya (“Motho ea itseng o ne a e-na le bara ba babeli,” “e monyenyane,” “a hafa,” “ho inehella litakatso tsa nama,” “ho alosa likolobe,” “makhapetla a karoba” litlhaloso tsa Lu 15:11-16 tse ho nwtsty-E)
Lu 15:17-24—O ile a baka, ’me kaha ntate oa hae o lerato, o ile a mo amohela hape (“ke sitetsoe uena,” “banna ba hiriloeng,” “a mo aka ka lerato,” “bitsoa mora oa hao,” “seaparo se selelele...lesale...meqathatso” litlhaloso tsa Lu 15:17-24 tse ho nwtsty-E)
Lu 15:25-32—Mora e moholo o ile a thusoa ho nahana ka tsela e nepahetseng
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Lu 14:26—Ho latela taba eo ho buoang ka eona moo, lentsoe ‘hloea’ le bolela’ng? (“hloea” litlhaloso tsa Lu 14:26 tse ho nwtsty-E)
Lu 16:10-13—Jesu o ne a batla hore barutuoa ba hae ba utloisise eng ka ‘maruo a sa lokang’? (w17.07 8-9 ¶7-8)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Lu 14:1-14
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Memela motho eo u ntseng u bua le eena libokeng.
Leeto la Boraro la ho Boela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Khetha lengolo leo u tla le sebelisa, e be u buella sengoliloeng se ithutoang.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) lv 32 ¶14-15
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Mora ea Lehlasoa o Khutlela Hae”: (15 mets.) Puisano. Qala ka ho bapala karolo ea video ea Mora ea Lehlasoa o Khutlela Hae.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 11 ¶10-19¶
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 139 le Thapelo