Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
June
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021

Sontaha, la 20 June

Inkele moqolo oa buka, ’me u ngole ho oona mantsoe ’ohle ao ke u boleletseng ’ona khahlanong le Iseraele le khahlanong le Juda.​—Jer. 36:2.

Ka mor’a hore ba qete ho ngola moqolo oo, Jeremia o ile a tlameha ho tšepa Baruke hore o tla bolella batho molaetsa oo. (Jer. 36:​5, 6) Ka sebete Baruke o ile a phetha mosebetsi oo o kotsi. Mohlomong Jeremia o ile a ikutloa a le motlotlo haholo ha Baruke a ea tempeleng ’me a balla batho moqolo oo. (Jer. 36:​8-10) Likhosana tsa Juda li ile tsa utloela ka seo Baruke a se entseng eaba li re a balle moqolo oo holimo moo li ntseng li utloa. (Jer. 36:​14, 15) Likhosana tseo li ile tsa etsa qeto ea ho bolella Morena Jojakime hore na Jeremia o itseng. Ha Morena Jojakime a utloa mantsoe ao a Jeremia o ile a halefa hoo a ileng a chesa moqolo oo eaba o fana ka taelo ea hore Jeremia le Baruke ba tšoaroe. Leha ho le joalo, Jeremia o ile a nka moqolo o mong eaba o o fa Baruke ’me a mo phetela hape mantsoe a Jehova. Baruke o ile a ngola mantsoe ’ohle “a neng a le moqolong oa pele, oo Jojakime morena oa Juda a o chesitseng.”​—Jer. 36:​26-28, 32. w19.11 3-4 ¶4-6

La 14-La 20 June
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2021 | May

La 14-La 20 June

DEUTERONOMA 5-6

  • Pina ea 134 le Thapelo

  • Seo re Tlʼo Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Koetlisa Bana ba Hao Hore ba Rate Jehova”: (10 mets.)

  • Matlotlo a Patiloeng: (10 mets.)

    • De 5:21​—Re ithuta’ng molaong o reng batho ba se ke ba ba meharo? (w19.02 22 ¶11)

    • ’Malong oa bekeng ee, u ithutile’ng ka Jehova, hona ke lintlha life tse ling tseo u li ratileng kapa tseo u ka li sebelisang tšimong?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets.) De 5:​1-21 (th khaolo ea 5)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Pele: (3 mets.) Sebelisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Kopa ho ithuta Bibele le mong’a ntlo ebe u etsa eka u mo bontša video ea Ho Etsahala’ng Thutong ea Bibele? (th khaolo ea 9)

  • Leeto la ho Boela: (4 mets.) Sebelisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Fetola moqoqo hore o lumellane le ntho eo mong’a ntlo a amehileng ka eona ebe u mo balla lengolo le loketseng. (th khaolo ea 12)

  • Thuto ea Bibele: (5 mets.) fg thuto ea 9 ¶6-7 (th khaolo ea 8)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 105

  • “Bontša Lerato ka Lapeng”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea Tsoelapele ho Bontša Lerato ka Lapeng.

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) bhs khao. 11 ¶1-9

  • Lintlha Tse Phethelang (3 mets.)

  • Pina ea 39 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2021 | April

Sehlooho se Ithutoang 15: Beke ea la 14-la 20 June, 2021

8 Ithute Mantsoeng a Jesu a ho Qetela

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela