Moqebelo, la 19 June
Ha le lefifing, hoo letsatsi leo le ka le fihlelang joalokaha le ne le tla fihlela masholu.—1 Bathes. 5:4.
Lengolong lena, Pauluse o bua ka “letsatsi la Jehova.” (1 Bathes. 5:1-6) Poleloana e reng “letsatsi la Jehova” litemaneng tsena, e bua ka nako ea ha “Babylona e Moholo,” e leng bolumeli ba bohata, a hlaseloa ho fihlela ha Armagedone e fihla. (Tšen. 16: 14, 16; 17:5) Pauluse o boetse oa re bolella hore na re lokela ho etsa’ng e le hore “letsatsi la Jehova” le re fumane re le malala-a-laotsoe. O re ha re ea lokela ho “robala joalokaha ba bang kaofela ba tsoela pele ho robala.” Ho e-na le hoo, o re re lule “re falimehile,” re be hlokolosi hore re se ke ra itšunya-tšunya litabeng tsa lipolotiki. Ho seng joalo, re tla ba “karolo ea lefatše.” (Joh. 15:19) Rea tseba hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o tla tlisa khotso. Re boetse re batla ho thusa batho ba bang hore le bona ba falimehele lintho tseo Bibele e ileng ea re li tla etsahala mehleng ena. Hang ha matšoenyeho a maholo a qala, ho tla be ho se ho se na nako ea hore batho ba ithute ka Jehova. Ke kahoo ho leng bohlokoa hore re bolele litaba tse molemo ka matla hona joale. w19.10 8 ¶3; 9 ¶5-6
La 14-La 20 June
DEUTERONOMA 5-6
Pina ea 134 le Thapelo
Seo re Tlʼo Ithuta Sona (1 mots.)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Koetlisa Bana ba Hao Hore ba Rate Jehova”: (10 mets.)
Matlotlo a Patiloeng: (10 mets.)
De 5:21—Re ithuta’ng molaong o reng batho ba se ke ba ba meharo? (w19.02 22 ¶11)
’Malong oa bekeng ee, u ithutile’ng ka Jehova, hona ke lintlha life tse ling tseo u li ratileng kapa tseo u ka li sebelisang tšimong?
’Malo oa Bibele: (4 mets.) De 5:1-21 (th khaolo ea 5)
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (3 mets.) Sebelisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Kopa ho ithuta Bibele le mong’a ntlo ebe u etsa eka u mo bontša video ea Ho Etsahala’ng Thutong ea Bibele? (th khaolo ea 9)
Leeto la ho Boela: (4 mets.) Sebelisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Fetola moqoqo hore o lumellane le ntho eo mong’a ntlo a amehileng ka eona ebe u mo balla lengolo le loketseng. (th khaolo ea 12)
Thuto ea Bibele: (5 mets.) fg thuto ea 9 ¶6-7 (th khaolo ea 8)
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Bontša Lerato ka Lapeng”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea Tsoelapele ho Bontša Lerato ka Lapeng.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) bhs khao. 11 ¶1-9
Lintlha Tse Phethelang (3 mets.)
Pina ea 39 le Thapelo