Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
June
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2021

Moqebelo, la 26 June

Mantsoe ana. . . a be pelong ea hao; u a rute mora oa hao ka ho pheta-pheta.​—Deut. 6:​6, 7.

“Ho pheta-pheta” ho akareletsa ho “ruta le ho hopotsa ka makhetlo-khetlo.” E le hore batsoali ba tle ba atlehe ho etsa joalo, ba lokela ho qeta nako e ngata le bana ba bona. Ka linako tse ling, batsoali ba ka ’na ba nyahama hobane ba lokela ho pheta-pheta litaelo tse tšoanang ho bana ba bona. Empa batsoali ba lokela ho nka taba ena e le monyetla oa ho ruta bana ba bona hore ba utloisise Lentsoe la Molimo le hore ba le phethe. Kahoo, tseba bana ba hao hantle. Pesaleme ea 127 e tšoantša bana le metsu. (Pes. 127:4) Joalokaha metsu e etsoa ka lintho tse sa tšoaneng e bile e fapana ka boholo, le bana ha ba tšoane. Kahoo, batsoali ba lokela ho tseba hore na ba koetlisa ngoana ka mong joang. Banyalani ba lulang naheng ea Iseraele ba ileng ba atleha ho holisa bana ba bona ba babeli hore ba sebeletse Jehova, baa re bolella hore na ba ile ba thusoa ke’ng. Ba re: “Re ne re ruta ngoana a le mong Bibele ka nako.” Ke ’nete hore hlooho ea lelapa ke eona e lokelang ho etsa qeto ea hore na ho ithuta le bana ka tsela ena ho molemo le hore na hoa khoneha. w19.12 26-27 ¶18-20

La 21-La 27 June
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2021 | May

La 21-La 27 June

DEUTERONOMA 7-8

  • Pina ea 136 le Thapelo

  • Seo re Tlʼo Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Le se ke la Etsa Selekane sa Lenyalo le Bona”: (10 mets.)

  • Matlotlo a Patiloeng: (10 mets.)

    • De 8:3​—Re ithuta’ng tabeng ea hore Jehova o ile a fa Baiseraele manna? (w04 2/1 13 ¶4)

    • ’Malong oa bekeng ee, u ithutile’ng ka Jehova, hona ke lintlha life tse ling tseo u li ratileng kapa tseo u ka li sebelisang tšimong?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets.) De 7:​1-16 (th khaolo ea 5)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Pele: (3 mets.) Sebelisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Memela mong’a ntlo libokeng. (th khaolo ea 15)

  • Leeto la ho Boela: (4 mets.) Sebelisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. E-fa mongʼa ntlo sengoloa se hlahang tlasʼa Lithulusi Tsa ho Ruta. (th khaolo ea 9)

  • Puo: (5 mets.) w06 1/1 28 ¶14-15​—Sehlooho: U se ke ua Lebala Jehova. (th khaolo ea 7)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 35

  • Seo Mokhatlo o se Finyeletseng: (5 mets.) Bapala video ea Seo Mokhatlo o se Finyeletseng ea June.

  • Litlhoko Tsa Phutheho: (10 mets.)

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) bhs khao. 11 ¶10-18 le tlhaloso ea 26

  • Lintlha Tse Phethelang (3 mets.)

  • Pina ea 44 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2021 | April

Sehlooho se Ithutoang 16: Beke ea la 21-la 27 June, 2021

14 Tsoela Pele U Ananela Thekollo

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela